Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 25:11 - BIBELE

11 O manehe kgauta e hlwekileng hodima areka eo; o e manehe kantle le kahare, mme hodima yona o etse moqhaka wa kgauta o e potolohang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 O tle o e manehe ka kgauta e hlwekileng. O e manehe kahare le kantle, mme o e etsetse mofapo wa kgauta o e potolohang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 25:11
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bolelele ba Sehalalelo sena e ne e le dimethara tse robong, bophara e le dimethara tse robong, bophahamo e le dimethara tse robong, mme se manehilwe kgauta e hlwekileng. Le aletare ya mapolanka a kedare a e maneha kgauta.


Bolelele ba lethule le kapele ho Tempele e ne e ka ba dimethara tse robong, bo lekana le bophara ba Tempele; bophahamo le bona e ka ba dimethara tse robong. Bokahare ba lethule a bo maneha kgauta e hlwekisitsweng.


O tle o e etsetse mehele e mene ya kgauta, o e kgwese maotong a yona a mane; mehele e mmedi e be ka lehlakoreng la pele, le e meng e mmedi ka lehlakoreng la bobedi.


O tla e maneha kgauta e hlwekileng, o e etsetse moqhaka wa kgauta o e potolohang.


Hodima mokgabiso wa sefuba o tla etsa mefitshane e mmedi ya kgauta, mme mefitshane eo e mmedi o tla e hokela dintlheng tse pedi tsa mokgabiso wa sefuba.


O tla e maneha kgauta e hlwekileng kahodimo le ka mahlakoreng ho e potoloha, le manakeng a yona; ebe o e etsetsa moqhaka wa kgauta o e potolohang.


Ka ho sona ho ne ho ena le aletare ya kgauta, moo ho neng ho tjhesetswa mokubetso teng, le areka ya selekane e apesitsweng ka kgauta, moo ho kentsweng pitsa ya kgauta e tshetseng manna, le lere la Arone le neng le ile la eba le dithunthung, le matlapa a mabedi ao ho ngotsweng mantswe a selekane ho wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ