Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 25:10 - BIBELE

10 “Ba etse areka ka dithupa tsa sefate sa mositsane; bolelele ba yona e be disenthimethara tse lekgolo le leshome, bophara ba yona e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng, mme bophahamo ba yona e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ba etse areka ya fate sa leoka: bolelele ba yona e be tswe tse pedi tse nang le halofo, bophara ba yona e be setswe se nang le halofo, mme bophahamo ba yona e be setswe se nang le halofo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 25:10
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Solomone a lata moradi wa Faro Motseng wa Davida, a mo isa tlung eo a neng a mo hahetse yona. O ne a re: “Mohatsa ka a ke ke a dula tlung ya Davida, kgosi ya Iseraele, hobane sebaka seo areka ya Morena e kileng ya eba ho sona, se a halalela.”


Ba tla etsa Tente ya Morena, le areka ya selekane, le sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima yona, le tsohle tse sebediswang ka Tenteng ya Morena;


le areka, le mefeng ya yona, le sekwahelo sa tefelo ya sebe, le lesira le sireletsang areka;


Yaba mosebetsi wa Leaho la Tente ya Morena, wa phethwa. Bana ba Iseraele ba ne ba entse tsohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse kateng.


Mosebetsi wa bona e ne e le ho hlokomela areka, le sedulwana sa lebone, le dialetare, le dijana tse Sehalalelo tseo ba sebeletsang ka tsona; le lesira, le ditshebeletso tsohle tsa sona.


Etlare ha ho tlohuwa mo ho neng ho hlomilwe teng, Arone le bara ba hae ba theole lesira la seotlwana, mme ka lona ba kwahele areka ya selekane.


Ba e kwahele le ka letlalo la qibi, ba ale lesela le leputswa kahodimo, ebe ba e kgwesa mefenng ya yona.


Ka ho sona ho ne ho ena le aletare ya kgauta, moo ho neng ho tjhesetswa mokubetso teng, le areka ya selekane e apesitsweng ka kgauta, moo ho kentsweng pitsa ya kgauta e tshetseng manna, le lere la Arone le neng le ile la eba le dithunthung, le matlapa a mabedi ao ho ngotsweng mantswe a selekane ho wona.


Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ