O se ke wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho etsa mesebetsi ya bona, empa ruri o tla e tsekolla ho hang, o thuakanye difika tsa bona tseo ba di kgumamelang.
O se ke wa etsa selekane le baahi ba naha eo, esere ha ba rapela medimo ya bona ya bohata, mme ba e etsetsa mahlabelo, ba o mema, yaba o ja tse hlabetsweng medimo ya bona.
“Ha Morena Modimo wa lona, a le fihlisa naheng eo le yang ho yona, hore e ba ya lona, o tla leleka ditjhaba tse ngata, tse kapele ho lona, e leng: Bahete, le Bagirigashe, le Baamore, le Bakanana, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse. Ke ditjhaba tse supileng, tse kgolo, tse matla ho le feta.
Ditjhaba tsohle tseo Morena Modimo wa lona, a tla neelana ka tsona matsohong a lona, le tla di timetsa. Le se ke la di hauhela, le se ke la sebeletsa medimo ya tsona, hobane hona e tla ba leraba ho lona.”
Ha Morena Modimo wa lona, a le neela ditjhaba tsena, le tla di hlola, ebe le di timetsa ho hang. Le se ke la etsa selekane le ditjhaba tseo, leha e le ho di utlwela bohloko.
Ka mokgwa o jwalo, a bolaya baahi ba naha eo yohle e maralla, le e ka borwa, le e diphuleng, le e matswapong, le dikgosi tsohle tsa yona; a se ke a siya le ya mong. Tsohle tse phelang a di timetsa ho hang, jwalokaha Morena Modimo wa Iseraele, a ne a laetse.
Feela lona le se ke la etsa selekane le baahi ba naha ena, le heletse dialetare tsa bona.’ Empa ha le a ka la mamela lentswe la ka. Jwale le entse eng?