Jwale a tloha moo, a ya thabeng e ka botjhabela ho Bethele. A hloma tente ya hae hona teng, Bethele ya eba ka bophirimela, Ai ya eba ka botjhabela. A hahela Morena aletare hona moo, a rapela Morena.
Moshe a ngola mantswe wohle a Morena. A tsoha ka madungwadungwana, a haha aletare mosikong wa thaba, a hloma difika tsa kgopotso tse leshome le metso e mmedi, ho ya ka meloko e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele.
“O tla etsa aletare ka dithupa tsa sefate sa mositsane; bolelele ba yona e be dimethara tse pedi le halofo, bophara ba yona e be dimethara tse pedi le halofo. Aletare eo e be le mahlakore a mane, a lekanang, mme bophahamo ba yona e be methara le halofo.
Gideone a hahela Morena aletare moo, mme a e rea lebitso la “Morena ke kgotso”. Le kajeno-ya-bokajeno e ntse e le teng sebakeng se bitswang Ofera, seo e leng sa Baabiesere.