Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 14:28 - BIBELE

28 Jwale metsi a kgutla, a kwahela dikariki tsa ntwa le bapalami, mmoho le mabotho wohle a Faro a neng a ba setse morao ho ya fihla lewatleng, empa ha ho le ya mong wa bona ya ileng a phonyoha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Metsi a boya, a kwahela makoloi le bakalli le lekgotla lohle la Faro le neng le ba lateletse lewatleng; ha ho a ka ha sala le a mong wa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 14:28
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A nyoloha le dikariki, le bapalami ba dipere, mme ya eba lebotho le leholo haholo.


Metsi a nna a kokomoha, a eketseha haholo, mme areka ya nna ya lweba hodima metsi.


Eitse ha ba lebotho la setjhaba sa Juda ba fihla toreng e lehwatateng, mme ba tadima, ba bona letshwelehadi e se e le ditopo tse rapaletseng fatshe, ho se le ya mong ya phonyohileng.


Wa phatlola lewatle kapele ho bona, ba tshela lewatle mobung o ommeng; baphaladisi ba bona wa ba akgela bodibeng, jwaloka lejwe ha le akgelwa metsing a bilohang.


dimakatso naheng ya Kama, le tse tshosang Lewatleng la Sufe.


A dihela Faro le mabotho a hae, a a dihela Lewatleng la Sufe; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


A ba etella pele ba sireletsehile, tshabo ba se na yona, dira tsa bona tsa kwahelwa ke lewatle.


Yaba Moshe o re ho setjhaba: “Se tshabeng; emang le tiile, le tle le bone pholoho eo Morena a tla le etsetsa yona kajeno, hobane jwalokaha le bona Baegepeta kajeno, ha le sa tla hlola le ba bona le ka mohla, ho isa kgale.


O ile wa fokisa moya wa hao, lewatle la ba kwahela, ba teba jwaloka loto metsing a tshabehang.


Dipere tsa Faro, le dikariki tsa hae tsa ntwa, le bapalami ba hae, ba ile ba kena lewatleng, mme Morena a kgutlisetsa metsi a lewatle hodima bona, empa bana ba Iseraele bona ba tsamaya hara lewatle, mobung o ommeng.


O no futuha ho ya lopolla tjhaba sa hao, o ilo pholosa motlotsuwa wa hao. Molaodi wa ba kgopo o mo timeditse, wa mo hlobodisa ho tloha hodima hlooho, wa mo hlobodisa ho ya tswa leotong.


le seo a se entseng ho bahlabani ba Egepeta, le ho dipere tsa bona, le dikariki tsa bona tsa ntwa, kamoo a entseng hore metsi a Lewatle la Lehlaka a di pupetse, ha ba ne ba ba phaladisa. Morena o ile a ba timetsa ho fihlela kajeno.


Ka tumelo Baiseraele ba ile ba tshela Lewatle le Lefubedu, jwaloka hoja ba tsamaya mobung o ommeng; athe Baegepeta ba ileng ba leka ho ba etsisa, le ile la ba metsa.


Barake a phaladisa dikariki le lebotho ho ya fihla Haroshete ya Baditjhaba, moo lebotho lohle la Sisera le ileng la bolaelwa teng ka sabole, ha se ke ha sala le ya mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ