Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 14:27 - BIBELE

27 Yaba Moshe o otlollela letsoho la hae hodima lewatle, mme ha bosiu bo esa lewatle la kgutlela tulong tsa lona. Baegepeta ba leka ho baleha metsi ana, empa Morena a ba lahlela hara lewatle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Moshe a otlollela letsoho la hae hodima lewatle, mme lewatle la kgutlela tulong tsa lona ha bosiu bo esa; Baegepeta ha ba se ba baleha, ba kgahlana le lona, mme Jehova a dihela Baegepeta hara lewatle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 14:27
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wa phatlola lewatle kapele ho bona, ba tshela lewatle mobung o ommeng; baphaladisi ba bona wa ba akgela bodibeng, jwaloka lejwe ha le akgelwa metsing a bilohang.


Metsi a kwahela ba ba lwantshang, ha se ke ha phonyoha le ya mong.


A dihela Faro le mabotho a hae, a a dihela Lewatleng la Sufe; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


A ba etella pele ba sireletsehile, tshabo ba se na yona, dira tsa bona tsa kwahelwa ke lewatle.


Morena wa mabotho o tla ba hweba ka phafa, jwaloka mohla a otlang Bamediane fikeng la Orebe. Molamu wa hae o tla o phahamisa hodima lewatle, jwalokaha a na o phahamise hodima Egepeta.


le seo a se entseng ho bahlabani ba Egepeta, le ho dipere tsa bona, le dikariki tsa bona tsa ntwa, kamoo a entseng hore metsi a Lewatle la Lehlaka a di pupetse, ha ba ne ba ba phaladisa. Morena o ile a ba timetsa ho fihlela kajeno.


Ka tumelo Baiseraele ba ile ba tshela Lewatle le Lefubedu, jwaloka hoja ba tsamaya mobung o ommeng; athe Baegepeta ba ileng ba leka ho ba etsisa, le ile la ba metsa.


Ke ha bo-ntata lona ba ipiletsa ho Morena, mme yena a hlahisa lefifi pakeng tsa lona le Baegepeta. A phuthumanya lewatle hodima Baegepeta, a ba pupetsa ka lona, mme le bone seo ke se entseng Baegepeta. La phela lehwatateng ka nako e telele.


Baprista ba neng ba jere areka ya selekane sa Morena ba nyoloha ho tloha bohareng ba Jorodane. Hanghang ha maoto a baprista bao a qala ho hata mobung o ommeng, metsi a Jorodane a kgutlela ditulong tsa wona, a saballa mabopong wohle jwaloka pele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ