Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 12:37 - BIBELE

37 Bana ba Iseraele ba tsamaya ho tloha Ramesese ho ya fihla Sukote, e le banna ba ditaaso ba dikete tse makgolo a tsheletseng, ho sa balwe bana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Bana ba Iseraele ba tloha Ramsese, ba ya Sukkothe, e le banna ba maoto ba dikete tse makgolo a tsheletseng, kantle ho bana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 12:37
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.


A mo nkela kantle mme a re ho yena: “Tadima lehodimong, mme o bale dinaledi, haeba o ka tseba ho di bala;” mme a re: “Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo.”


Modimo a re: “Ke nna Modimo, Modimo wa ntatao. O se ke wa tshaba ho theohela Egepeta, hobane ke moo ke tla o etsa setjhaba se seholo.


Josefa a bea ntatae le bana babo, a ba kgethela sebaka sa bodulo naheng ya Egepeta, moo naha e leng ntle, seterekeng sa Ramesese, jwalokaha Faro a ne a laetse.


Yaba ba se beela balebedi ho se sebedisa ka thata, hore ba se hlokofatse ka mesebetsi ya bona e boima. Baiseraele ba hahela Faro metse ya Pitome le Ramesese, eo ho bolokwang dijo ho yona.


Moshe a re: “Re tla ya le bana ba rona, le maqheku a rona; re tla ya le bara ba rona, le baradi ba rona; le mehlape ya rona ya dinku, le mehlape ya rona ya dikgomo, hobane re lokela ho etsetsa Morena mokete.”


Ba tsamaya ho tloha Sukote, mme ba fihla ba hloma Ethame, meeding ya lehwatata.


Motho ka mong wa ba badilweng, ho qala ka ya dilemo tse mashome a mabedi, ho ya hodimo, a ntsha keramo tse tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong. Palo ya ba ntshitseng ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng a metso e meraro, le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.


“Balang setjhaba sohle sa bana ba Iseraele ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona, ho ya ka palo ya mabitso a banna bohle.


Bohle ba ileng ba balwa ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng le metso e meraro le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.


Moshe a re: “Batho ba ditaaso bao ke nang le bona ke dikete tse makgolo a tsheletseng, empa o re: ‘Ke tla ba fa nama eo ba tla e ja kgwedi kaofela!’


Bana ke bana ba Iseraele ba ileng ba balwa, ho ya ka matlo a bo-ntata bona. Bohle ba mekgetho ba badilweng ho ya ka mabitso a bona ya eba dikete tse makgolo a tsheletseng le metso e meraro le makgolo a mahlano le mashome a mahlano.


Palo ya bana ba Iseraele ba badilweng e ne e le dikete tse makgolo a tsheletseng le motso o le mong le makgolo a supileng le mashome a mararo.


Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya pele, ba tloha Ramesese, ka letsatsi le hlahlamang la Paseka. Bana ba Iseraele ba tloha ka ditlatse tsa thabo, pontsheng ya Baegepeta bohle.


Bana ba Iseraele ba tloha Ramesese, ba ya hloma Sukote.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ