Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 12:31 - BIBELE

31 Faro a bitsa Moshe le Arone, hara bosiu, mme a re: “Tsamayang, le tswe hara setjhaba sa ka, lona ba babedi hammoho le bana ba Iseraele, le tsamaye, le yo sebeletsa Morena ho ya kamoo le boletseng kateng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 A bitsa Moshe le Aarone bosiu, a re: Tlohang, le tswe setjhabeng sa ka, lona le bana ba Iseraele, le ye, le sebeletse Jehova, jwalokaha le boletse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 12:31
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Egepeta ya thabela ho falla ha bona, hobane e ne e tshohile haholo.


Moshe a re: “O buile hantle! Ha ke sa tla hlola ke bona sefahleho sa hao hape!”


Moshe a re: “Re tla ya le bana ba rona, le maqheku a rona; re tla ya le bara ba rona, le baradi ba rona; le mehlape ya rona ya dinku, le mehlape ya rona ya dikgomo, hobane re lokela ho etsetsa Morena mokete.”


Jwale Morena a re ho Moshe: “Ke sa tla tlisa sewa se seng hape hodima Faro le hodima Egepeta; kamorao ho moo o tla le lokolla, le tsamaye. Ha a le lokolla, o tla hle a le leleke ho hang.


Bahlanka bana ba hao bohle, ba tla tla ho nna, mme ba nkgumamele, ba re: ‘Tsamaya, wena le batho bohle ba o setseng morao,’ mme kamorao ho moo le nna ke tla tsamaya.” Moshe a tloha ho Faro, kgalefo ya Faro e tlokoma.


Hlama eo ba tlileng le yona Egepeta ba e pheha, ba etsa dikuku tse sa lomoswang, hobane e ne sa ka ya lomoswa. Kaha ba ne ba tswile Egepeta ka ntshwe-di-sa-fohlwa, mme ba ne ba ke ke ba dieha, ba sitwa le ho iphehela mofao.


Yaba Modimo o re ho Moshe: “Jwale o tla bona seo ke tla se etsa ho Faro. Ka letsoho la ka le matla, ke tla mo tlama hore a lokolle setjhaba sa ka; ka letsoho la ka le matla, ke tla mo tlama hore a se leleke.”


Yaba Faro o bitsa Moshe le Arone, o re ho bona: “Tsamayang, le yo etsetsa Modimo wa lona sehlabelo hona naheng ena!”


Faro a bitsa Moshe le Arone, a re: “Rapelang Morena hore a tlose dihohwana tsena ho nna le ho setjhaba sa ka, mme ke tla lokolla setjhaba hore se yo etsetsa Morena sehlabelo.”


Ke hobaneng ha le thatafatsa dipelo tsa lona, jwalokaha Baegepeta le Faro ba ne ba thatafatse dipelo tsa bona? Na hase nnete hore e ne ere ha a se a bontshitse matla a hae hara bona, ya eba hona ba lokollang Baiseraele, mme ba itsamaela?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ