Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 9:8 - BIBELE

8 Se kgaleme mosomi, esere a o hloya, kgalema ya bohlale, yena o tla o rata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 O se ke wa laya mosomi, esere mohlomong a o hloya; o laye mohlalefi, yena o tla o rata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 9:8
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha bolellwa kgosi, ha thwe: “Moporofeta Nathane ke enwa!” Hoba a kene kamoo kgosi e leng kateng, a obama, a isa hlompho ho kgosi.


Yaba kgosi Davida o re: “Mpitsetseng moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada!” Ha ba fihla kapele ho kgosi,


Kgosi ya Iseraele ya araba Jehoshafate, ya re: “Ho sa na le monna e mong hape, eo re ka reng a re botsetse ho Morena. Ke Mmikiya, mora wa Jimela, empa ke mo hloile, hobane ha a ke a mporofetela tse molemo, o mporofetela tse mpe.” Jehoshafate a re: “Kgosi e se ke ya bua jwalo.”


Ho molemo ha ke otlwa ke ya lokileng, ke kgalemelwa ke yena; hoo ke ole eo hlooho ya ka e ke keng ya e hana, ke tla nne ke rapele leha ba kgopo ba ntshwenya.


Ya bohlale a a mamele, a eketse tsebo le kutlwisiso, ya nang le kutlwisiso a fumane tataiso,


Ya bohlale o tla mamela molao pelong ya hae, sethoto se beberang sona se tla timela.


Mora ya bohlale o mamela thuto ya ntatae, empa moikakasi ha a natse kgalemo.


Bofuma le dihlong di wela ya hanang kgalemo, tlotla e aparela ya sa haneng ho nyatsuwa.


Mosomi yena o hloile kgalemo, le ho ba bohlale a ke ke a batla keletso.


Shapa mosomi, ya se nang tsebo a tle a hlalefe; kgalema ya hlalefileng, yena o tla fumana tsebo.


Reka nnete le bohlale le tayo le kutlwisiso, mme o se ke wa ba wa di rekisa.


O se ikgathatse ho bua le sethoto, hoba se tla nyedisa bohlale ba dipuo tsa hao.


Ya kgalemang motho e mong, o tla ratwa, ho feta ya qekisang ka leleme la hae.


Motho ya nnileng a kgalengwa empa a satalatsa molala, hanghang o tla welwa ke kotsi, pheko e be siyo.


Empa setjhaba sa kgutsa tu! sa se ke sa mo araba, hobane taelo ya kgosi e ne e itse: “Le se ke la mo araba!”


“ ‘O se ke wa jara ngwaneno ka pelo. O kgalemele mohaeno, esere wa itjarisa sebe ka baka la hae.


Ba tloheleng, ke difofu tse tataisang difofu tse ding. Haeba sefofu se tataisa sefofu se seng, bobedi di tla wela ka lengopeng.”


“Se neeng dintja dintho tse halalelang, esere mohlomong tsa reteleha, tsa le harola; leha e le ho lahlela mabenyane a lona a bohlokwa pela dikolobe, esere mohlomong tsa a hatakela ka maoto.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ