Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 8:9 - BIBELE

9 di utlwahala tsohle ho ya nang le kelello, di nepahetse tsohle ho ba nang le tsebo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Tsohle ke tse utlwahalang ho motho ya nang le kelello, di lokile ho ya fumaneng tsebo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 8:9
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mosomi o batla bohlale, empa ha a bo fumane, ya nang le kutlwisiso tsebo o e fumana habonolo.


Ya nang le kutlwisiso o labalabela tsebo, athe dithoto tsona di labalabela bothoto.


Ho ya bohlale tsela ya bophelo ke e yang hodimo, ho mo phemisa ho theohela lebitleng.


Bohlale bo mahlong a ya masene, mahlo a sethoto wona a thalatsa kahohle.


Ya nang le kutlwisiso o fumana tsebo, tsebe ya ya bohlale e lethwethwe ho mo mamela.


Ho lehlohonolo ya iphumanetseng bohlale, ya bileng a fihletseng kutlwisiso,


Mmila o moholo o tla ba teng moo, o rewe lebitso la Tsela ya Kgalalelo. Baetsadibe ba ke ke ba tsamaya ka yona, e tla ba ya ba lokelang ho e tsamaya, ba ke ke ba lahleha leha e le dithoto.


Na ho ka botswa ntlo ya Jakobo ha thwe: “Ebe Morena o feletswe ke mamello? Na tse tjee di etswa ke yena?” “Na polelo tsa ka ha di tlise molemo, di o tlisetsa ba etsang ho loka?


Ho ngotswe ho Baporofeta, ho thwe: ‘Bohle ba tla rutwa ke Modimo.’ E mong le e mong ya utlwileng le ho ithuta ho Ntate o tla ho nna.


ha motho a rata ho etsa thato ya ya nthomileng, o tla tseba hore na thuto eo e tswa ho Modimo, kapa ke bua ka bonna.


Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ