Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 8:15 - BIBELE

15 Ke ka nna kgosi di tsebang ho rena, le babusi ba etsang melao e lokileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ke ka nna marena a renang; esale ka nna mahosana a laelang ka ho loka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 8:15
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho bokwe Morena Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena, mme a o bea hore o be kgosi ya Iseraele! Kahobane Morena o rata Baiseraele kamehla yohle, o o entse kgosi ya bona, hore o ahlole hantle, ka toka.”


Ha Baiseraele bohle ba utlwa kahlolo e entsweng ke kgosi, ba hlompha kgosi, ba e tshaba, hobane ba ile ba hlokomela hore Solomone o na le bohlale ba Modimo, ba ho ahlola ka toka.


Ka baka leo, ako nee mohlanka wa hao bohlale, hore a tsebe ho busa setjhaba sa hao, a hlalohanye botle ho bobe. Ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba se sekaalekaale?”


Ha Hirame a utlwa mantswe ana a Solomone, a thaba haholo, a ba a re: “Kajeno ho bokwe Morena, yena ya neileng Davida mora ya bohlale, hore a buse setjhabahadi sena.”


Morena o mphile bara ba bangata, mme hara bara bohle o kgethile Solomone, mora wa ka, ho dula teroneng ya mmuso wa Morena, a buse Iseraele.


Ako nnee bohlale le tsebo, e le hore ke tle ke tsebe ho etella setjhaba sena pele, hobane ke mang ya ka tsebang ho busa setjhaba see sa hao se sekaalekaale?”


Modimo a re ho Solomone: “Kaha o kopile se ka pelong ya hao, o sa ikopela matlotlo, kapa maruo, kapa tlotla, kapa hore dira tsa hao di timetswe, kapa hore o phele halelele, o mpa o ikopetse bohlale le tsebo, hore o tle o tsebe ho busa setjhaba sa ka, seo ke o beileng ho ba kgosi ya sona,


Jwale he, halefang, lona dikgosi; eletsehang, lona babusi ba lefatshe.


O kgosi e matla, e ratang toka; ke wena ya theileng ho loka, wa tlisetsa leloko la Jakobo toka le ho loka.


Ha kgosi e thahasella toka, puso e a tsitsa, kgosi e kgethisang setjhaba haboima e futsanehisa naha.


Ke ka nna mahosi le mahosana a tsebang ho busa, le baahlodi bohle ba tsebang ho ahlola.


Ke tla o kgutlisetsa baahlodi ba kang ba pele, le baeletsi ba kang ba mehleng ya kgale; kamorao ho tseo o tla bitswa motse wa toka, o bitswe motse o tshepahalang.


“Matsatsing ao le nakong eo, ke tla etsa hore Lekala la ho loka le hlome mothapong wa Davida, mme Lekala leo le tla ahlola ka toka le ka nepo lefatsheng.


Dinako le mehla di fetolwa ke yena, o diha dikgosi a ba di hlomamise; bahlalefi ba hlalefiswa ke yena, ba nang le kutlwisiso a ba abele tsebo.


O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha; o tla ja jwang jwaloka dikgomo, o lalwe ke phoka ya lehodimo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.


O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha. O tla ja jwang le dikgomo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.”


Jesu a atamela, a bua le bona, a re: “Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng.


Motho ka mong a ikokobeletse borena bo mo okametseng, hobane ha ho borena haese bo tswang ho Modimo, mme bo leng teng bo beilwe ke Modimo.


Jwale ka bona lehodimo le butswe, ka ba ka bona pere e tshweu, mopalami wa yona e le ya bitswang Ya Tshepahalang, Wa Nnete; o na le toka ha a ahlola, leha a lwana.


Hodima seaparo sa hae, le hodima serope sa hae, ho ngotswe lebitso lena: “Kgosi ya dikgosi, le Morena wa marena.”


Morena a re ho Samuele: “O tla llela Saule ho le hokae, ha e le moo ke mo furaletse, hore e se be kgosi ya Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese wa Betlelehema, hobane ke ikgethetse kgosi hara bara ba hae.”


Ha Samuele a bona Saule, Morena a bua ho Samuele, a re: “Monna eo ke buileng ka yena ho wena ke enwa! Yena monna enwa o tla busa setjhaba sa ka.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ