Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 8:13 - BIBELE

13 Ho tshaba Morena ke ho hloya bobe, ke hloile boikgohomoso, ke hloile le boikakaso, boitshwaro bo bobe le leshano le tsona ke di hloile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ho tshaba Jehova ke ho hloya bobe. Ke hloile boikgantsho le boikgohomoso, motsamao o mobe le molomo o kgopo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 8:13
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho ne ho ena le monna e mong naheng ya Use, lebitso la hae e le Jobo. Monna eo o ne a lokile, a hloka kodi; a tshaba Modimo, a kgesa bobe.


“Yaba o re ho motho: ‘Ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho furalla bokgopo ke yona kutlwisiso.’ ”


nke ke ka dumella mahlo a ka ho sheba letho le kgopo. Ke hloile diketso tsa ba kgelohileng, di ke ke tsa nkgomarela.


Ke na le kutlwisiso ka baka la ditaelo tsa hao, ka baka leo, ke hloile ditsela tsohle tsa leshano.


kahoo ke latela ditaelo tsa hao tsohle, ke hloile ditsela tsohle tsa leshano.


Leha Morena a phahame hakaalo, o bona ba eisehang; ba ikgantshang o ba tseba ba sa le hole.


Lona ba ratang Morena, hloyang bokgopo, o baballa bophelo ba batshepuwa ba hae, o ba namolela matsohong a ba kgopo.


Empa babelehisi ba ne ba tshaba Modimo, mme ba se ke ba etsa kamoo kgosi ya Egepeta e ba laetseng kateng, ba tlohela bana ba bashanyana ba phela.


Molomong wa ya lokileng ho tswa bohlale, leme le kgopameng le tla pongwa.


Ditsela tsa ya kgopo ke manyala ho Morena, ya labalabelang ho loka yena o a mo rata.


Boikakaso bo etella timelo pele, boikgohomoso bo etelle ho wa, pele.


Motho ya ikgantshang, Morena o a mo nyonya, ya jwalo Morena o tla mo ahlola.


Sebe se hlakolwa ke lerato le botshepehi; ya tshabang Morena bobe o tla bo phema.


O se ipone o le bohlale, tshaba Morena, o sesefe bobe.


Se bue leshano ka molomo wa hao, puo tse thetsang di se tswe ka hanong la hao.


Motho e mobe, ya kgopo, o tsamaya a fefetha leshano;


Lefatshe ke tla le otla, ke le otlele bokgopo ba lona, ba kgopo le bona ke ba otle, ke ba otlele dibe tsa bona, boikakaso ba ba itjang ke bo fedise, boikgohomoso ba bompodi ke bo kokobetse.


Hloyang bokgopo, le rate tse molemo, ka makgotleng le ahlole ka toka, mohlomong Morena, Morena Modimo wa mabotho, a ka hauhela masalla a Josefa.


Morena Modimo o se a ikanne, Morena Modimo wa mabotho, o re: “Ke nyonya boikakaso ba Jakobo, ke hloile matlo a bokwele a hae; ke tla neelana ka motse ona, ke neelane ka tsohle tse ho wona.”


Le se ke la rerelana bora, le se ke la hlapanya ka leshano. Tsena tsohle ke di hloile,” ho rialo Morena.


Lerato le hloke boikaketsi. Hloyang bobe, kgomarelang botle.


Leha ho le jwalo, motheo o tiileng, oo Modimo a o entseng, o ntse o tsitsitse, o ngotswe mantswe ana: “Morena o tseba bao e leng ba hae,” le ana: “Bohle ba rapelang Morena ba hlobohe bokgopo.”


Ka mokgwa o jwalo, lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. Lona bohle, ebang le maikutlo a boikokobetso, le ikokobetse e mong ho e mong, hobane: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikobobetsi o a ba hauhela.”


“Kgaotsang dipuo tsa boikgohomoso, boikalatiso bo se tswe melomong ya lona, hobane Morena ke Modimo ya tsebang tsohle, diketso tsohle di ahlolwa ke yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ