Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 8:10 - BIBELE

10 Inkeleng thuto ya ka ho ena le silefera, ikgetheleng tsebo ho ena le kgauta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Amohelang thuto ya ka ho fetisa silefera, le tsebo ho fetisa kgauta e hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 8:10
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka kgauta e hlwekisitsweng bo ke ke ba rekwa, kapa theko ya bona ya methwa ka boima ba silefera.


Kgauta kapa mahakwe a ke ke a lekana le bona, kapa ba ananngwa ka mekgabiso ya kgauta.


Ruri ke rata melao ya hao, ke e rata ho feta kgauta, le hona kgauta e hlwekisitsweng;


Ke thabela tshepiso ya hao, jwaloka ya fumaneng kgapo, kgapo e ngata.


Ho molemo ho nna ho ba le Molao o tswang ho wena, ho ena le ho ba le diketekete tsa tjhelete ya kgauta le ya silefera.


Polelo tsa ya lokileng ke silefera e hlwekisitsweng, pelo ya ya kgopo ha e na thuso.


Ho fumana bohlale ho molemo ho feta kgauta, ho fumana kutlwisiso ho molemo ho feta silefera.


Kgauta e teng le mabenyane a bohlokwa a teng, empa molomo o bolelang tsebo ke lehakwe la bohlokwa.


Reka nnete le bohlale le tayo le kutlwisiso, mme o se ke wa ba wa di rekisa.


Tholwana ya ka e kgahleha ho feta kgauta, e feta kgauta e hlwekisitsweng, tse fumanwang ho nna di feta silefera e hlwekisitsweng.


Bohlale bo molemo jwaloka lefa, bo atlehisa batho ba ntseng ba phela.


Jwale Petrose a re: “Ha ke na silefera kapa kgauta, empa seo ke nang le sona ke o fa sona. Ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha ema, o tsamaye!”


re le ba swabileng, empa re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; re le ba se nang letho, empa re ruile tsohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ