Ha Isaka a se a ahile moo ditshiu tse teletsana, Abimeleke, kgosi ya Bafilesita, a tadima ka fesetere, mme a bona Isaka a ntse a phathapathatsana le Rebeka, mosadi wa hae.
Ha areka ya Morena e kena Motseng wa Davida, Mikale, moradi wa Saule, a sheba ka fesetere, mme a bona kgosi Davida a ntse a tlala, a etsa menyakwe kapele ho Morena; a mo nyedisa ka pelong ya hae.
“Mma Sisera a hlaha ka fesetere a qamaka, a howa a le kamora lesira, a re: ‘Kariki ya hae ya ntwa e diehile hakaakang? Diqi tsa dipere tsa hae ha di utlwahale keng?’