Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 7:26 - BIBELE

26 Mahlatsipa a mangata se a entse mofela, tshwele la ba bolailweng ke sona ha le na palo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Hobane ba hlabilweng o ba dihile ba le bangata, bao a ba bolaileng ba bangata ho fetisisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 7:26
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoba Abinere a fihle Heborone, Joabe a mo nkela kathokwana ho kgoro ya motse, yaka o ilo bua le yena ka lekunutu, yaba o mo phehletsa mpeng, a mmolaya ho phetetsa madi a Asaele, ngwanabo.


Na Solomone, kgosi ya Iseraele, ha a a ka a etsa sebe ka ho etsa dintho tsee? Empa leha ho le jwalo, hara ditjhaba tse ngata ha ho ya ka ha eba le kgosi e kang yena, e neng e ratwa ke Modimo wa yona. Modimo a mmea ho ba kgosi ya Baiseraele bohle. Empa le yena o ile a dihelwa sebeng ke basadi ba baditjhaba.


Lapa la hae le kgannela lefung, tsela tsa hae di isa ho ba shweleng.


se lalla jwaloka senokwane, se atisa dihlola hara banna.


o tla batwa leoma a tlontlolohe, dihlong tsa hae di se ke tsa hlola di fela.


Ntlo ya sona ke tsela e isang lebitleng, ke mmila o isang Nqalong ya Bafu.


Ya se nang tsebo ha a tsebe hore lefu le laletse moo, baeti ba mosadi eo ba feletse lebitleng.


Re se ke ra etsa bohlola, jwalokaha ba bang ba bona ba ile ba bo etsa, mme ka letsatsi le le leng ha ketoha ba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro.


Hape, esere ha ke fihla, Modimo wa ka a nkokobetsa hara lona, ka tla ka llela ba bangata ba ileng ba etsa sebe ka nako e fetileng, empa ba eso bakele ditshila, le bohlola, le diketso tse manyala tseo ba di entseng.


Baratuwa, le le baeti le bajaki, ke le kgothaletsa hore le lahle ditakatso tsa botho, tse lwantshanang le moya.


Bafilesita ba mo tshwara, ba mo honya mahlo, ba mo theolela Gasa. Ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, mme mosebetsi wa hae tjhankaneng, ya eba wa ho sila ka lelwala.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ