Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 7:21 - BIBELE

21 Ka puo tsa lehelehele lena mohlankana a ineela, ka molomo wa lona o ekang, mohlankana a hapeha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 A mo menamena ka dipuo tse ngata tse monate, a mo hlola ka molomo o qekisang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 7:21
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka letsatsi le leng Elisha a ya Shuneme, moo ho neng ho phela mosadi ya ruileng. Mosadi eo o ne a ye a qophelle Elisha hore a ke a fumane dijo. Kamehla ha Elisha a feta moo, o ne a ye a fapohele, mme mosadi a mo phomosetse.


Ka makgetlo a mane ba nna ba nthomella molaetsa ka mokgwa wona ona. Le nna ka nna ka ba araba ka mokgwa o tshwanang le wona ona.


Re pholose Morena, batshepuwa ba fedile; botshepehi ha bo sa le yo ho bana ba batho.


Molomo wa mosadi wa sehlola o qhitsa dinotshi, leme la hae le borethe ho feta leokwana;


ho o phemisa mosadi wa sehlola, le molomomonate wa seraburabu.


Ka ho panya ha ntshi mohlankana a le sala morao, a le latela sa pholo e iswa tlhabong, sa kgama e tlolela ka lemeneng;


Di tla o phemisa mosadi, mosadi wa sehlola, mosadi ya ekang ka dipolelo.


“Monga mohlanka a re ho yena: ‘Tswela ditseleng le meterong, o ba qophelle ba kene, hore ntlo ya ka e tle e tlale,


Ba mo qophella, ba re: “Hlola le rona, hobane letsatsi le se le rapame, mme e se e tla ba mantsiboya.” Yaba o a kena, o hlola le bona.


Ha a se a kolobeditswe le ba lelapa la hae, a re rapela, a re: “Haeba le kgotsofetse hore ke dumetse ho Morena, kenang ka tlung ya ka, le hlole teng.” A re qophella.


Lerato la Kreste le a re susumetsa, rona ba kgotsweng hore ha a le mong a shwetse bohle, eba bohle ba shwele le yena.


A mo llela ka matsatsi a supileng a mokete, mme ka letsatsi la bosupa a mmolella tlhaloso ya sona, hobane mosadi o ne a sa mo fe tshweya. Mosadi eo a ya bolella ba habo.


Empa Saule a hana, a re: “Nke ke ka ja!” Bahlanka ba hae le mosadi eo ba mo qophella, a ba a qetella a dumetse. Jwale a ema fatshe, a dula hodima moalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ