Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 6:6 - BIBELE

6 Hela! wena sekgoba, tsamaya o ye ho bohlwa! Hlahloba mekgwa ya bona, o tlo hlalefe!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hela sekgoba! eya ho bohlwa, o qamake mekgwa ya bona, o tle o hlalefe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 6:6
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke bothoto ho tjheha leraba moo nonyana e ntseng e le bona.


Jwalokaha asene e thellisa meno a motho, mosi le wona o llisa mahlo a motho, sekgoba se jwalo ho ba se romang.


Ya phuthileng matsoho o tla futsaneha, athe matsoho a kgothetseng a ruisa monga wona.


Sekgoba se a lakatsa, empa ha se fumane letho, sekgothadi se a atleha, se kgotsofatswa ke tsohle.


Tsela ya sekgoba e ririellane meutlwa, athe ya ya lokileng yona e bataletse hantle.


Ya monyebe mosebetsing wa hae, yena ke ngwanabo sesenyi.


Botswa bo isa motho le sephume sa boroko, sekgoba sona se bolawa ke tlala.


Tsoho la ya botswa le hanella ka sejaneng, o tswafa le ho le isa ka hanong la hae.


Sekgoba ha se ke se lema ka nako ya teng, ha ho kotulwa se a kopa, ha se fumane letho.


Takatso ya sekgoba ke lefu ho sona, se leqe ho sebetsa, ho sebetsa ka matsoho a sona;


Sekgoba se re: “Tau ke ena kantle!” kapa se re: “Ke tla bolaelwa diterateng!”


Mamela, mora ka, o tlo hlalefe, o tsamaye tseleng e nepahetseng.


“Ntho di nne tse nyenyane lefatsheng, empa tse bohlale bo makatsang:


Bohlwa ke tjhaba se hlokang matla, empa bo bokella dijo tsa bona hlabula.


Wena sekgoba, o tla robala ho fihlela neng? O tla tsoha neng borokong ba hao?


Pholo e tseba monga yona, tonki e tseba sejelo sa yona, empa Iseraele yena o hloka tsebo, tjhaba sa ka sona ha se na kutlwisiso.”


Le mokotatsie o fofang hodimo, o tseba nako tsa wona tsa ho falla; leeba le lehaqasi le moholodi, le tsona di tseba nako ya ho oroha, empa molao wa Morena tjhaba sa ka ha se o tsebe.


“Monga hae a mo araba, a re: ‘Mohlanka ya kgopo, ya botswa, o tsebile hore ke kotula moo ke sa kang ka jala, mme ke bokella moo ke sa kang ka olosa.


Tadimang dinonyana tse fofang: ha di jale, ha di kotule, ha di bokellele disiung, empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa; ana lona ha le di fete hole ka bohlokwa na?


Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang.


Le se ke la tepella, le mpe le etsise bao, bao ka tumelo le mamello, ba jang lefa la tseo ba di tshepisitsweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ