Empa Josefa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: “Bona, monga ka ha a tshwenngwe ke letho ha ke le teng, tlung mona, mme tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka.
Mosadi ya tshwasang ka maqiti a hae, eo pelo ya hae e tshwanang le sefi, matsoho a hae a kang mahlaahlela, ka fumana a tshabeha ho feta le lefu. Ya kgahlisang Modimo o tla phonyoha atleng tsa hae, athe moetsadibe yena o tla tshwaswa.