Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 6:14 - BIBELE

14 o rera thetso ka pelong ya hae, kamehla o jala moferefere.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Pelo ya hae e senyehileng e rera bobe kamehla, e jala diphapang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 6:14
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena ako nnamolele ho batho ba kgopo, o ntshireletse ho batho ba sehloho.


Ba loha mano ka dipelong tsa bona, ba qholotsa ntwa kamehla.


Mantswe a tswang molomong wa hae, ke mantswe a mabe, a thetsang; o tlohetse bohlale leha e le botle.


Ba rerang bobe ba a lahleha, empa ba rerang botle ba fumana mohau le nnete.


Senokwane se rera bobe, molomong wa sona ho tswa tse tjhesang sa malakabe.


Motho ya pelo e kgopo ha a atlehe; ya leme le tletseng thetso o tla timela.


Bona ba thabela ho etsa bobe, ba thabela bokgopo ba ba kgopo,


Tsela ya ba molato e matswedintsweke, boitshwaro ba ba hlokang kodi bo otlolohile.


Ya jalang bokgopo o kotula ditsietsi, kgalefo ya hae e ke ke ya mo thusa ka letho.


Ya lohang mano a ho etsa bokgopo batho ba mmitsa rabolotsana.


O se ke wa rerela wa heno bokgopo, empa yena a phela le wena a o tshepile.


Morena o hloile ya sothang nnete, empa ya lokileng yena o a mo tshepa.


Mekgwa ya senokwane e mebe, kamehla se rera merero e kgopo, ho timetsa mafutsana ka polelo tsa mashano, leha thapedi ya bahloki e nepahetse.


Ba kgopo ba tshwana le lewatle le tuduana, le tuduana le se na kgotso, maqhubu a lona a akgela seretse le ditshila lebopong.


Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, banna bana ke bona ba ntseng ba rera bokgopo, ba fana ka dikeletso tse mpe hara motse mona.


“Ba jetse moya, ba tla kotula sefefo, kaofela mabele a bona a phutsitse, kahoo dijo di ke ke tsa eba teng; leha eba a ne a ka beha haholo, baditjhaba ba ne ba tla a lobela.


Ho madimabe ba rerang bolotsana, ba nahanang bokgopo ba le diphateng tsa bona! Ha bosiu bo esa ba a bo phethathatsa, hobane ba na le matla a ho etsa jwalo.


Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ