Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 5:16 - BIBELE

16 O re bonna ba hao bo tsholohele ditseleng, matla a bona a hafakwe mabaleng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Na didiba tsa hao di ka kollela sebakeng jwang? Melatswana ya tsona e ka phallela mabaleng a motse na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 5:16
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: “Kgaitsedi ya rona, o ke o be mma dikete tsa dikete; Ditloholo tsa hao di ke di hape metse, di hape metse ya dira tsa tsona.”


Ruri bana ke lefa le tswang ho Morena, tholwana ya popelo ke moputso.


Mosadi wa hao o tla ba jwaloka morara, morara o behang ka tlung ya hao; bana ba hao ba be jwaloka mahlomela, mahlomela a mohlwaare ho potapota tafole ya hao.


Kapele ke dibini, kamorao ke baletsi, hare ke thwetsana e tidinyang meropa.


Jwale nwa metsi a diba sa ho tjhekwa ke wena, metsi a phallang a mohlodi wa hao.


Eka kgona e be ba hao o le inotshi, o se ka bo abelana le ba bang.


Bonna ba hao bo ke bo hlohonolofale, o ithabise ka mosadi wa hao wa matswathaka,


“Metsi a utsuwang a monate haholo, qhoqha e jelwang sephiring e a hlabosa!”


O rapa se sireleditsweng, kgaitsedi, monyaduwa wa ka; o diba se haheleditsweng, sa bitielwa.


O mohlodi o nwesetsang serapa, o diba sa metsi a kollang, a phallang a etswa kwana Lebanone.


Ha ba a ka ba nyorwa ha a ba tsamaisa hara lehwatata; o ila etsa hore metsi a phalle a etswa lefikeng; a otla lefika, metsi a phorosela.


Jwale Iseraele o phela ka kgotso, sediba sa Jakobo se inotshi feela, naheng ya koro le ya veine e ntjha; e, mahodimo a nesa pula.


Ibesane o ne a ena le bara ba mashome a mararo le baradi ba mashome a mararo. Baradi ba hae ba mashome a mararo ba nyalwa ke ba morabe osele, le yena a nyadisa bara ba hae barwetsana ba mashome a mararo ba morabe osele. Ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse supileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ