Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 4:4 - BIBELE

4 ntate a na nthuta, a re: “Polelo tsa ka di se tlohe pelong ya hao, boloka taelo tsa ka o tle o phele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 ntate o ne a nthuta, a re ho nna: Pelo ya hao e boloke dipolelo tsa ka hantle, o lotolotse dikeletso tsa me, mme o tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 4:4
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Nke ke! Hobane ke mo kgethile hore a tle a laele bana ba hae le lelapa la hae ho tsamaya ka tsela ya Morena ka ho etsa tse lokileng, le ho sebetsa ka toka; e le hore Morena a tle a phethe tseo a di tshepisitseng Aborahama.”


“Jwale wena Solomone, mora wa ka, tseba Modimo wa ntatao, o mo sebeletse ka pelo ya hao yohle, le ka maikutlo a hao wohle. Morena o lekola dipelo tsohle, mme o tseba menahano yohle, le mehopolo yohle. Ha o ka mmatla, o tla mo fumana, empa haeba o ka mo furalla, o tla o lahlela ruri!


Ke bolokile tshepiso ya hao, ka e boloka ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa.


Ditemoso tsa hao di lokile kamehla; ako nnee kutlwisiso, ke tle ke phele.


Ke boloka ditaelo tsa hao, le ditemoso tsa hao ke a di boloka, hobane o bona metsamao ya ka yohle.


Ruta ngwana tsela ya ho phela, ha a hodile a ke ke be a fapoha.


Mora ka, ako nnee pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe, a kgahlwe ke metsamao ya ka,


Mora wa ka, se lebale thuto ya ka, pelong ya hao melao ya ka o e boloke,


o tlo lelefaletswe matsatsi a hao, lemo tsa kgotso di tle di o atele.


Boloka taelo tsa ka o tle o phele, thuro tsa ka le tsona di hlokomele; di hlokomele seka thaka ya ihlo la hao.


“Ntshekeheleng tsebe, mme le tle ho nna, le mmamele, meya ya lona e tle e phele. Ke tla etsa selekane sa kamehla le lona, e leng mehauhelo eo ke neng ke e tshepise Davida.


Jeremia a re ho kgosi: “Ba ke ke ba neelana ka wena. Ke a o kopa hle: Hlompha lentswe la Morena, leo ke o bolellang lona, e le hore o tle o atlehe, mme o phele.


Ke a tseba hore taelo ya hae ke bophelo bo sa feleng. Ka baka leo, tseo ke di buang ke di bua jwalokaha Ntate a mpoleletse tsona.”


Le lona bo-ntata bana, le se ke la kgentsha bana ba lona, empa le ba hodisetse Morena ka ho ba kgalemela le ho ba ruta hantle.


“Feela le itlhokomele, le be hlokolosi, esere la lebala dintho tseo le di bonang ka mahlo a lona, kapa tsa hlakoha dipelong tsa lona ka matsatsi wohle a bophelo ba lona. Empa lona le di tsebise bana ba lona, le ditloholo tsa lona.


Mantswe ana ao ke o laelang wona hona kajeno a be ka pelong ya hao.


Ha ke lebale tumelo ya hao e se nang boikaketsi, e leng tumelo eo nkgonwao Loise le mmao Eunike ba neng ba ena le yona, mme ke kgodisehile hore le wena o na le yona.


Ho tloha bonyenyaneng ba hao o tsebile Mangolo a Halalelang, a nang le matla a ho o hlalefisa, o tle o pholoswe ka ho dumela ho Kreste Jesu.


Ha a se a entswe ya phethehileng, e bile mohlodi wa pholoho e sa feleng ho bohle ba mo mamelang,


Manowa a re: “Ha mantswe a hao a se a phethahetse, moshanyana eo o tla hodiswa jwang? O tla etsa eng?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ