Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 4:26 - BIBELE

26 Qamaka ka hloko moo o hatang teng, tsela tsohle tsa hao di tle di tsitse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 O iqamakele ho hata ha maoto a hao hantle, tsela tsa hao tsohle di tle di loke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 4:26
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eka nka tiya metsamaong ya ka, ka phetha thato ya hao.


Ke hlahlobile metsamao ya ka, mme ke kgutletse tseleng eo o mpontshitseng yona.


Morena ke yena ya tiisang mehato ya batho, mme o kgahlwa ke metsamao ya bona.


Ke ile ka lebella Morena ka mamello; a retelehela ho nna, a mamela sello sa ka.


Ya hlokang bohlale o thabiswa ke bothoto, ya nang le kutlwisiso yena o etsa ho lokileng.


Ya kgopo o sosobanya sefahleho, ya lokileng o hlokomela metsamao ya hae.


Mamela, mora ka, o tlo hlalefe, o tsamaye tseleng e nepahetseng.


Mahlo a hao a tadime kapele ho wena, dintshi tsa hao di se ke tsa panya.


Tsela tsohle tsa motho Morena o a di bona, metsamao yohle ya hae le yona o a e lekola.


tsela ya bophelo ha a re letho ka yona, metsamao ya hae e kgopametse moo a sa tsebeng.


Kaha a lemoha ditshito tsa hae tsohle, tseo a di entseng, mme a di furalla, ruri o tla phela, a ke ke a shwa.


Ka baka leo, Morena wa mabotho o re: “Itekoleng he!


Hlokomelang metsamao ya lona haholo; le se be dithoto, le mpe le be ba bohlale,


Ka baka leo, se fetoheng mawatla, le mpe le utlwisise seo e leng thato ya Morena.


Ka mokgwa ona a ke a matlafatse dipelo tsa lona, e tle ere mohla Morena wa rona Jesu a tlang le bahalaledi ba hae bohle, le halalele, le se ke la nyatseha mahlong a Modimo, Ntata rona.


Empa Morena o a tshepahala, o tla le matlafatsa, a le sireletse ho E Mobe.


Tsamaisang maoto a lona ditseleng tse otlolohileng, e le hore leoto le hlotsang le tle le se ke la nonyetseha, le mpe le fole.


Modimo wa mehauhelo yohle, ya le bitseditseng tlotleng ya hae e sa feleng, ka Kreste, etlare hoba le hlokofatswe ka nakwana, yena ka sebele o tla le etsa ba phethehileng. O tla le tiisa, a le matlafatse, a etse hore le se ke la sisinyeha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ