25 Mahlo a hao a tadime kapele ho wena, dintshi tsa hao di se ke tsa panya.
25 Mahlo a hao a shadime, a tsepame, dintshi tsa hao le tsona di ribolohe ka ho loka.
“Ke entse tumellano le mahlo a ka, hore ha a ka ke a tjhatjhehela kgarebe.
Faposa mahlo a ka, a se ke a bona tsa mafeela, o nnee bophelo tseleng ya hao.
Ya hlokang bohlale o thabiswa ke bothoto, ya nang le kutlwisiso yena o etsa ho lokileng.
Ya kgopo o sosobanya sefahleho, ya lokileng o hlokomela metsamao ya hae.
Mahlo a hao a tla bona pono disele, kelello ya hao e nahane dintho tse ferekanyang.
Ha o re maruo hedi! o tla bona a sa nyametse, hobane a tla fela a mele mapheo, a fofele hodimo sa ntsu, sa ntsu e le sepakapakeng.
Se bue leshano ka molomo wa hao, puo tse thetsang di se tswe ka hanong la hao.
Qamaka ka hloko moo o hatang teng, tsela tsohle tsa hao di tle di tsitse.
“Leihlo ke lebone la mmele. Haeba leihlo la hao le hloka sepha, mmele wohle wa hao o tla ba leseding,