22 ke bophelo ho ba di amohelang, di phedisa mmele ya bona hamonate.
22 Hobane ho ba di fumaneng ke bophelo, ke boiketlo ba mmele wohle wa bona.
Polelo tsa ya phasolohang di hlaba jwaloka sabole, leleme la ya bohlale lona le a fodisa.
Polelo tse monate di ka mahe a dinotshi, moyeng di a hlabosa, di matlafatse mmele.
Tsena ho wena e tla ba bophelo, di qhake molala wa hao, di o kgabise.
O tla phela hantle mmeleng, masapo a hao a tiye.
Mora wa ka, mamela, o amohele polelo tsa ka, lemo tsa bophelo ba hao di tle di ate.
ntate a na nthuta, a re: “Polelo tsa ka di se tlohe pelong ya hao, boloka taelo tsa ka o tle o phele.
Ya mphumanang o fumana bophelo, Morena o tla mo rekolohela.
“Leha ho le jwalo ke tla tlisetsa motse ona bophelo le pheko. Ke tla fodisa setjhaba sa ka, ke etse hore se phele ka kgotso le ka boiketlo.