Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 4:13 - BIBELE

13 Tshwara thuto ena, o e mamarele, o e dise ka thata, ke yona bophelo ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Tshwara tayo ka matla, o se ke wa e lesa ya phonyoha, o e boloke, hobane ke bophelo ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 4:13
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba monna eo o re: “Ntlohele ke tsamaye, hobane mafube a hlahile!” Empa Jakobo a re: “Ha nka ke ka o tlohela wa tsamaya, haese haeba o ka ntlhohonolofatsa!”


Ya mamelang ha a kgalengwa o tseleng ya bophelo, empa ya sa mameleng, yena o a kgeloha.


Reka nnete le bohlale le tayo le kutlwisiso, mme o se ke wa ba wa di rekisa.


Ho ba bo kgomarelang ke fate sa bophelo, ho lehlohonolo ba itshwarellang ka bona.


Tsena ho wena e tla ba bophelo, di qhake molala wa hao, di o kgabise.


Taelo ke lona lebone, thuto ke lona lesedi, kgalemo ke bona bophelo,


Ya mphumanang o fumana bophelo, Morena o tla mo rekolohela.


Bohlale bo a sireletsa, tjhelete e a sireletsa; molemo o moholo wa tsebo ke ona: Ba ruileng, bohlale bo ba nea bophelo.


Yare ke sa tswa ba feta, moratuwa wa ka ka mo fumana; ka mo mamarela, ka se ke ka mo tlohela ho fihlela ke kena le yena ka lapeng heso, ke mo isa ka kamoreng ya mme, montswadi wa ka.


Moya ke wona o phedisang, nama ha e thuse letho; dipolelo tseo ke di buileng ho lona ke moya, mme ke bophelo.


Simone Petrose a mo araba, a re: “Morena, re tla ya ho mang? O na le mantswe a bophelo bo sa feleng;


Ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, a kgothaletsa bohle hore ba kgomarele Morena ka pelo tse tiileng,


Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya bodumedi, le ho ngwathweng ha bohobe, le dithapelong.


Ho lona hase mantswe a lefeela; ke bophelo ba lona. Ka mantswe ana le tla phela halelele naheng eo le tshelang Jorodane ho ya ho yona, hore e be ya lona.”


Kahoo re tlamehile ho hlokomedisisa tseo re di rutilweng, esere ra kgeloha.


Bona ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe leo ba le pakileng, mme ba ba ba eshwa ba sa qenehele bophelo ba bona.


o re: Ke tseba moo o ahileng teng: Ke moo terone ya Satane e leng teng. Empa o kgomaretse lebitsong la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya hao ho nna, esita le mohla Antipase, paki ya ka e tshepahalang, a neng a bolaelwa ha habo lona, moo Satane a ahileng teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ