11 Ke o rutile tsela tsa bohlale, ka o tsamaisa tseleng tse otlolohileng.
11 Hobane ke o ruta tsela ya bohlale, ke o tsamaisa mmileng wa ho loka.
Ke mmusapelo: O ntsamaisa tseleng tsa ho loka, ka baka la lebitso la hae.
Kahoo o tla tsamaya tseleng ya ba lokileng, o tsamaye tseleng ya ba hlokang kodi.
ntate a na nthuta, a re: “Polelo tsa ka di se tlohe pelong ya hao, boloka taelo tsa ka o tle o phele.
Ke tsamaya tseleng ya toka, tsela ya ka ke tsela ya molao.
Theang tsebe ke le bolelle tsa bohlokwa, ke le phatlalletse tse lokileng.
di utlwahala tsohle ho ya nang le kelello, di nepahetse tsohle ho ba nang le tsebo.
Moruti o ne a sa hlalefa feela, empa o ne a bile a ruta batho tseo a di tsebang. O ile a nahana, a fuputsa, mme a hlophisa maele a mangata.
“Ngwana Diabolosi! Wena ya tletseng thetso le bokgopo bohle! Sera sa toka yohle! Na ha o sa tla kgaotsa ho kgopamisa ditsela tse lokileng tsa Morena?
“Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ntaetse, e le hore le tle le etse jwalo naheng eo le yang ho yona, hore e be ya lona.