Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 4:10 - BIBELE

10 Mora wa ka, mamela, o amohele polelo tsa ka, lemo tsa bophelo ba hao di tle di ate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Mamela, mora ka; o amohele dipuo tsa me, dilemo tsa ho phela ha hao di lelefatswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 4:10
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Amohela thuto e tswang molomong wa hae, polelo tsa hae o di boloke ka pelong ya hao.


Sekehela keletso tsebe, o mamele ditaelo, e le hore qetellong o tle o hlalefe.


Mora wa ka, ha o ka mamela polelo tsa ka, wa boloka ditaelo tsa ka;


ka ho le letona bo kakatletse bolelele ba bophelo, ka ho le letshehadi bo kakatletse maruo le tlotla.


o tlo lelefaletswe matsatsi a hao, lemo tsa kgotso di tle di o atele.


Inkeleng thuto ya ka ho ena le silefera, ikgetheleng tsebo ho ena le kgauta.


“Lona basadi utlwang lentswe la Morena, polelo tsa hae le di sekehele tsebe. Rutang baradi ba lona ho bokolla, le rutane ho bina kodi-ya-malla:


e le hore ha feela lehodimo le lefatshe di sa ntse di le teng, lona, le bana ba lona le tle le phele halelele, naheng eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntata lona hore o tla ba nea yona.


“ ‘Hlompha ntatao le mmao, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a o laetse, e le hore o tle o phele halelele, o atlehe, naheng eo Morena Modimo wa hao, a o neang yona.


Ha o tshaba Morena Modimo wa hao, mme ka matsatsi wohle a bophelo ba hao, o boloka melao yohle ya hae, le ditaelo tsa hae, tseo ke o laelang tsona, wena, le mora wa hao, le setloholo sa hao, le tla phela halelele.


Le ka lona lebaka lena he, ha re phetse ho leboha Modimo, hobane ha re ne re le tlisetsa lentswe la Modimo, ha le a ka la le amohela jwaloka hoja ke la batho, empa le ile la le amohela e le lentswe la sebele la Modimo, ya sebetsang ka ho lona ba dumelang.


Ke lentswe la nnete, le lokelang ho amohelwa ke bohle ka ho tlala, le reng Kreste Jesu o tlile lefatsheng ho pholosa baetsadibe, bao nna ke leng e mobehadi hara bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ