Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 31:4 - BIBELE

4 “Ha ho lokele dikgosi, Lemuele, ho nwa veine ha ho di lokele, ho tjhatjhehela jwala ha ho lokele mahosana,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hase marena, Lemuele, hase marena a loketseng ho rata veine, leha e le mahosana ho lakatsa jwala bo tahang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 31:4
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa mohlanka wa hae Simeri, eo e neng e le molaodi wa halofo ya bahlabani ba palamang dikariki tsa ntwa, a rera ho mmolaya. Kgosi Ela o ne a le Tiresa, ka tlung ya Aresa, mookamedi wa lelapa la Ela le motseng wa Tiresa, a ntse a enwa, a tahwa.


Bo-Bene-Hadade le dikgosi ba ne ba ntse ba enwa, ba le diahelong. Ha Bene-Hadade a utlwa molaetsa ona, a re ho bahlanka ba hae: “Theang theko!” Yaba ba thea theko, ba futuhela motse.


Ka letsatsi la bosupa, ha kgosi e thabisitswe ke ho nwa veine, ya bitsa Mehumane, le Biseta, le Harebona, le Bigita, le Abakata, le Setare, le Karakase, e leng mahaole a supileng a neng a sebeletsa kgosi.


Maqosa a matha ka potlako, a susumetswa ke taelo ya kgosi, mme taelo eo ya phatlalatswa Shushane, motseng wa bokgosi. Jwale kgosi le Hamane ba dula, ba enwa, empa motse wa Shushane wona o ne o ferekane.


Veine ke moikakasi, jwala bo baka lerata, ya kgeloswang ke tsona o hloka bohlale.


O tla ba jwaloka ya robetseng bodibeng ba lewatle, ya paqameng hodima mehala ya sekepe.


Ho lehlohonolo naha e buswang ke kgosi e tswalehileng, eo mahosana a yona a ketekang ka nako ya teng, a jelang ho matlafala, e seng hore a tahwe.


Ho madimabe ba reng ha ba hlolwe ke jwala, ba reng ba tseba haholo ho tswaka dino;


“Ruri, veine ke moeki wa motho; ya ikgohomosang a ke ke a phela. O meharo jwaloka Nqalo ya Bafu; jwaloka lefu ha a ke a kgora. O ipokellela ditjhaba tse ngatangata, merabe kaofela a e fetole bathopuwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ