Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 31:26 - BIBELE

26 Ha a etswa molomo o bua ka kelello, thuto tsa mosa di tswe lemeng la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 O ahlamisa molomo wa hae ka bohlale, molao o mosa o lelemeng la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 31:26
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Makgabunyane a Esetere le mahaole a hae, a fihla a mmolella. Mofumahadi Esetere a utlwa bohloko haholo, mme a romela diaparo ho Moredekai, hore a apare, a hlobole tse mahwashe, empa Moredekai a se ke a di amohela.


Haeba kgosi e nkgauhetse, mme eba ke ntho e kgahlang kgosi ho phethahatsa thapedi le kopo ya ka, kgosi le Hamane ba ke ba tle moketeng oo ke tla be ke ba lokiseditse wona hosasane, mme teng ke tla araba potso ya kgosi.”


Molomong wa ya lokileng ho tswa bohlale, leme le kgopameng le tla pongwa.


Polelo tsa ya phasolohang di hlaba jwaloka sabole, leleme la ya bohlale lona le a fodisa.


Polelo tse monate di ka mahe a dinotshi, moyeng di a hlabosa, di matlafatse mmele.


Ntlo le maruo ke lefa le fumanwang ho bo-ntata, mosadi ya bohlale ke mpho ya Morena.


Ho ba le mamello ho ka sokolla kgosi; polelo e bonolo e fedisa manganga.


O sedi tabeng tsa lelapa la hae, hase mokotla o mahlo, mohlohlwa-o-rapame.


Wena leebana la ka le ipatileng mafarung, le ipatileng methating, tsullung tsa dithaba, ako mpontshe fahleho sa hao, ntswe la hao le lona ke le utlwe, ntswe la hao ho nna le a hohela, hoba fahleho sa hao ho nna se a rateha.


Mahe a dinotshi a rotha molomong wa hao, monyaduwa wa ka, tlasa leme la hao ho tswa lebese, le mahe a dinotshi, menkwane ya aparo tsa hao e ka ya Lebanone.


O ile a ruta thuto ya nnete, a se ke a bua leshano. A tsamaya le nna ka kgotso le ka ho loka, mme a sokolla ba bangata sebeng.


Yaba Maria o re: “Ke lekgabunyane la Morena; a ho be jwalo ho nna ho ya ka polelo ya hao!” Yaba lengeloi le tloha ho yena.


A qala ho bua ka sebete ka tlung ya thapelo, mme ha Prisilla le Akulase ba mo utlwile ba mo isa ha bona, ba mo hlalosetsa Tsela ya Modimo ka hloko e fetang.


Bohle ba neng ba dutse ka kgotla, ba mo tjametse, ba bona sefahleho sa hae e ka sa lengeloi.


Mahlapa a se ke a tswa melomong ya lona, ho mpe ho tswe dipolelo tse molemo, tse ka thusang ho matlafatsa ba di utlwang, le ho ba tlisetsa lehlohonolo.


Ebang sedi ho ba kantle, le sebedise monyetla oo le o fumanang.


Le lona basadi, le ikokobeletse banna ba lona, e le hore ha ho le teng ba bang ba banna ba lona ba sa dumeleng lentswe la Modimo, ba tle ba sokolohe ka baka la metsamao ya lona feela, le ntse le itholetse,


Empa mosadi wa hae a re ho yena: “Haeba Morena a ne a rata ho re bolaya, a ka be a sa ka a ananela nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo e tswang matsohong a rona. Hape a ka be a sa ka a re bontsha dintho tsena tsohle, mme a ka be a sa ka a re bolella dintho tse kang tsena, ka nako ena.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ