20 Bafumanehi o ba fepa a sa kganane, bahloki le bona a ba atswe ka tsoho le batsi.
20 O fuparollela bafumanehi seatla sa hae, o se otlollela mohloki.
O fana ka matsoho a mabedi, o fana ho mafutsana, ho loka ha hae ho hlola kamehla yohle, o tsoha molota, o a tlotleha.
Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
Ho lehlohonolo ya hlokomelang mofutsana; Morena o tla mo lopolla, a mo lopolle mohla tsatsi la tlokotsi.
Kaha le hanne ha ke le bitsa, ha ke otlolla tsoho la ka la se ke la ela hloko;
Ya hauhelang bafumanehi o adima Morena, seo a faneng ka sona Morena o tla mmuseletsa sona.
Motho ya fanang a thabile o tla hlohonolofatswa, hobane yena o fepa mafutsana.
Toloki o e tshwara ka letsoho la hae, tshwele a e tshware ka monwana ha a e ohla.
Mafutsana le na le wona kamehla, mme le ka a etsetsa molemo neng le neng ha le rata; athe nna le ke ke la ba le nna kamehla.
Athe ho Baiseraele o itse: “Ke qetile tsatsi lohle ke otlolletse matsoho a ka setjhabeng se sa mameleng, se hanyetsang.”
Kenyang letsoho thusong ya badumedi ba hlokang, thabelang ho amohela baeti.
Ya utswang a se hlole a utswa, a mpe a tshware ka thata, a sebeletse tse molemo ka matsoho a hae, a tle a tsebe ho fa ya hlokang.
Bahloki ba ke ke ba fela kahara naha ya lona; ka baka leo, ke a le laela, ke re: ‘Ho ngwanabo lona, le ho mofutsana, le ho ya hlokang, ya naheng ya heno, o fane ka letsoho le batsi.’ ”
Se lebaleng ho ba mosa le ho thusana, hobane ana ke wona mahlabelo a kgahlisang Modimo.