Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 31:17 - BIBELE

17 Theka la hae o le tlama hathata, a matlafatse le matsoho a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 O itlama letheka ka matla, mme o matlafatsa matsoho a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 31:17
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

empa seqha sa hae se ntse se tiile, o matjato diatleng le matsohong a hae; o thuswa ke matsoho a Ya Matla wa Jakobo, e leng Modisa, Lefika la Iseraele.


Morena a matlafatsa Elia, a itlama letheka, a kgisa ka sekaja kapele ho Akabe, ho ya fihla Jesereele.


Elisha a re ho Gehasi: “Itlame letheka, o nke molamu wa ka, o tsamaye. Ha o ka kopana le motho, o se ke wa mo dumedisa; haeba motho a ka o dumedisa, o se ke wa mo arabela. O fihle o bee molamu wa ka hodima sefahleho sa ngwana.”


Itlame letheka, o eme senna, ke o botse dipotso, wena o nkarabe.


Ha a kgahlwa ke tshimo eba o a e reka, a e leme morara ka tse sebeditsweng ke matsoho a hae.


O lemoha hore kgwebo ya hae e a mo atla, bosiu bo sa bone la hae le sa tingwe.


Lelala le nka tshepe le e bese mollong, le e kgobe ka hamore, le bope modimo wa bohata, le e kgobe ka tsoho la lona le sefutho, ho fihlela le lapa, le fellwa ke matla, metsi le sa a nwe, le be le kgathale.


Le hoja ke ba otlile, ke ba matlafaditse, empa bona ba ntherela tse kgopo.


“Matheka a lona a tlangwe, le mabone a lona a tuke.


Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena.


Kahoo ebang malalaalaotswe, nnete e be leqhama la lona, ho loka ho sireletse difuba tsa lona,


Ka baka leo, itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba tjhatsi dikelellong, le be le boitshwaro, le ntse le tshepile ka ho tlala ho newa mohau, mohla Jesu Kreste a bonahatswang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ