Hape e be ya pakwang ke mesebetsi ya hae e metle, e kang ho hodisa bana hantle, ho amohela baeti, ho hlatswa badumedi maoto, ho thusa ba tsietsing, esita le ho nna a etsa mesebetsi yohle e molemo.
Ka hona nka rata ha bahlolohadi ba sa leng batjha, ba ka nyalwa hape, e le hore ba be le bana, ba tsamaise malapa a bona hantle, ba tle ba se ke ba fa mohanyetsi monyetla wa ho bua hampe.
le ho ba le boitlhompho le bohlweki, le ho hlokomela malapa a bona, le ho ba mosa, le ho ikokobeletsa banna ba bona, esere lentswe la Modimo la nyefolwa.