Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 31:10 - BIBELE

10 Mosadi ya kgabane a ka fumanwa ke mang? Bohlokwa ba hae bo feta le mabenyane a bohlokwa!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Mosadi ya kgabane ke mang ya tla mo fumana? Ke ya bohlokwa ho fetisa diperela hole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 31:10
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dikgetla le mahakwe tsona ha di sa bolelwa; theko ya bohlale e feta le mabenyane a bohlokwa.


Mosadi ya lokileng ke moqhaka ho monna wa hae, ya hlabisang dihlong yena ke mofetshe, ke mofetshe o jang monna hae masapo.


Mosadi ya bohlale o haha lapa la hae, empa ya sethoto o le qhala ka matsoho a hae.


Ya inyaletseng mosadi wa sebele o lehlohonolo, ya jwalo Morena o mo hauhetse.


Ntlo le maruo ke lefa le fumanwang ho bo-ntata, mosadi ya bohlale ke mpho ya Morena.


Kgauta e teng le mabenyane a bohlokwa a teng, empa molomo o bolelang tsebo ke lehakwe la bohlokwa.


bo kgahleha ho feta le mabenyane a bohlokwa, ha ho letho le ka bapiswang le bona;


Monna hae o mo tshepa a sa kganane, mme bofutsana a ke ke be a bo tseba.


“Bohlale bo molemo ho feta mabenyane a bohlokwa, ha ho letho le ka bapiswang le bona.


ha ke ntse ke fuputsa, ke sa fumane letho, ka fumana monna wa banna ho ba sekete, hara basadi teng ha ke a fumana le ya mong!


Se tshabe, ngwanaka, ke tla o etsetsa tsohle tseo o di kopang, hobane batho bohle ba motse wa heso ba a tseba hore o mosadi ya kgabane.


Lebitso la monna eo e ne e le Nabale, la mosadi wa hae e le Abikaele. Mosadi eo o ne a le bohlale, a bile a le motle, empa monna wa hae o ne a le lekgonatha, le diketso tsa hae di le mpe. E ne e le wa ntlo ya Kalebe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ