Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 30:8 - BIBELE

8 Suthisetsa bolotsana le mashano hole le nna, o se ke wa nthuisa kapa wa mphutsanehisa, o mphepe ka dijo tse ntekaneng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Suthisetsa bosawana le puo ya leshano hole le nna. O se ke wa mpha bofuma, leha e le maruo; mphepe ka bohobe bo ntekanang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 30:8
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jakobo o a ikana, o re: “Haeba Modimo a ka ba le nna, a mpaballa leetong lena leo ke le nkileng, a mpha bohobe ka ja, le diaparo ka apara,


Ka letsatsi le leng le le leng, kgosi ya Babilona ya mo nea tjhelete ya ho iphedisa, ho fihlela a eshwa.


Taelo tse tswang molomong wa hae ha ke a di kgeloha, ka pelong ya ka ke bolokile polelo tsa hae.


Nqobise tsela ya leshano, o nkgauhele ka ho nthuta Molao wa hao.


Faposa mahlo a ka, a se ke a bona tsa mafeela, o nnee bophelo tseleng ya hao.


Bana ba Iseraele ba bona hona, mme ba botsana, ba re: “Hoo keng?” Ke hobane ba ne ba sa tsebe hore na ke eng. Yaba Moshe o re ho bona: “Hono ke bohobe boo Morena a le fileng bona, hore le je.


Ha ba etsa tekanyo ka dilethara tse pedi, ya neng a bokeletse haholo a se ke a sallwa ke letho; le ya neng a bokeletse hanyenyane a se ke a haellwa ke letho; e mong le e mong o ne a bokeletse ho lekaneng hore a je.


Bonang, Morena o le neile Sabatha; ka baka lena, ka letsatsi la botshelela o tla le nea dijo tse lekaneng matsatsi a mabedi. Bohle ba dule moo ba leng teng. Ho se be motho ya tla tloha ha hae ka letsatsi la bosupa.”


Ka dilemo tse mashome a mane bana ba Iseraele ba nna ba ja manna, ho fihlela ba fihla naheng e nang le baahi; ba ja manna ho fihlela ba fihla meeding ya naha ya Kanana.


Motho ya lokileng o hloile leshano, ya kgopo ha a na dihlong, o a swabisa.


Tlotlo le fumanwang ka ho bua leshano ke mouwane o fetang le leraba la lefu.


Ya jalang bokgopo o kotula ditsietsi, kgalefo ya hae e ke ke ya mo thusa ka letho.


Ha o re maruo hedi! o tla bona a sa nyametse, hobane a tla fela a mele mapheo, a fofele hodimo sa ntsu, sa ntsu e le sepakapakeng.


“Ke kopile ntho di le pedi ho wena, o se nkganele ka tsona pele ke eshwa:


“Lefeela la mafeela,” ho rialo Moruti; “lefeela la mafeela, tsohle ke lefeela!”


Ho madimabe ba ikgulelang bokgopo, ka thapo tsa mafeela, ba ikgulelang sebe jwalokaha kariki e hulwa;


Ha ho le ya mong ya batlang toka, ha ho le ya mong ya buang nnete dinyeweng; ba tshepa dikgang tsa mafeela, ba bua leshano; mehopolo ya bona e mebe, mme e tswala bokgopo.


Yaba kgosi Sedekiya o laela hore ba boloke Jeremia lebaleng la tjhankana, le hore ka tsatsi le leng le le leng a fuwe sengwathwana sa bohobe bo tswang ho ba phehang bohobe, ho fihlela bohobe bo fela motseng moo. Yaba Jeremia o dula moo lebaleng la tjhankana.


Ka letsatsi le leng le le leng kgosi ya Babilona ya mo nea tjhelete ya ho iphedisa, ho fihlela a eshwa.


O re fe kajeno bohobe ba rona ba tsatsi le leng le le leng;


Jwale batlang Mmuso wa Modimo le ho loka ha hae pele, mme tsena tsohle le tla di ekeletswa.


o re fe ka letsatsi le letsatsi bohobe boo re bo hlokang;


A re ho bona: “Kgang jwale, mme le isetse motsamaisi wa mokete.” Ba mo isetsa.


ba re: “Banna, le etsetsang jwalo? Le rona re batho jwaloka lona. Re le bolella molaetsa o molemo, e le hore le furalle mafeela ana, le sokolohele ho Modimo ya phelang, ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ