Ho ne ho ena le monna e mong Maone, eo motebo wa hae o neng o le Karamele. Monna eo o ne a ruile haholo, a ena le dinku tse dikete tse tharo, le dipodi tse sekete. O ne a le teng Karamele, ha ho ntse ho kutwa dinku tsa hae.
Ke a o rapela, monga ka, o se ke wa tsotella Nabale eno ya kgopo, hobane bitsolebe ke seromo. Lebitso la hae ke Nabale, mme le yena o kgopo. Empa nna, lekgabunyane la hao, ha ke a ka ka bona bahlankana bao monga ka a neng a ba romme.
Lebitso la monna eo e ne e le Nabale, la mosadi wa hae e le Abikaele. Mosadi eo o ne a le bohlale, a bile a le motle, empa monna wa hae o ne a le lekgonatha, le diketso tsa hae di le mpe. E ne e le wa ntlo ya Kalebe.
Mohlankana a mo isa ho sona, mme a fumana Baamaleke ba hasahasane hara naha, ba eja, ba enwa, ba hobela, ba thabetse kgapo e ngata eo ba neng ba e nkile naheng ya Bafilesita le naheng ya Juda.