Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 30:14 - BIBELE

14 Moloko o teng o meno a kang disabole, oo a mohlaare a kang dithipa, ho harola bafumanehi lefatsheng, le bahloki ba phelang hara setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Moloko o teng o meno a kang marumo, o meno a mohlahare a kang dithipa, ho ja bahlomohi, ho ba fedisa lefatsheng, ho fedisa le bafumanehi bathong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 30:14
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke ne ke roba mekwetsepe ya ba kgopo, ke pholose ba seng ba le menong a bona.


Ya ka itetang sefuba ho e ahlamisa mehlaare ke mang? Meno a yona a dikwetsepe a a tshabeha!


e leng batho ba reng: “Re tla hlola ka maleme a rona; re tseba ho ipuella, ke mang ya ka re busang?”


Ho bokwe Morena ya sa kang a lesa hore ba re je.


Na baa bohle ha ba na tsebo, baa ba etsang tse sa lokang, baa ba itjellang setjhaba sa ka, jwalokaha ba eja bohobe, ba sa ipiletse ho Morena?


Ha ke tshabe diketekete tsa batho tse ntikileng kamahohle.


ya mohla Doege, Moedomo, a neng a tlilo tsebisa Saule hore Davida o kene tlung ya Abimeleke.


A le mahodimong, a ke a nthusetse; a ferekanye ya nkgatakelang. Modimo a ntshitse ka mohau wa hae, a mpontshe botshepehi ba hae.


Ke dutse hara ditau tse harolang batho; meno a tsona a ka marumo le metsu, maleme a tsona a ka sabole tse bohale.


ya sa utlweng lentswe la ya mo weweletsang, la ya mo bobisang ka bohlale ba hae.


Polelo tsa ya phasolohang di hlaba jwaloka sabole, leleme la ya bohlale lona le a fodisa.


Ya tlatlapang mofutsana ho ikekeletsa leruo, a bile a etsetsa barui dimpho, o tla futsaneha.


Mofumanehi ya hatellang bafumanehi o ka sekgohola se senyang dijalo.


“Koidi e na le madinyane a le mabedi, a kopang a re: ‘Re fepe! Re fepe!’ “Ntho di tharo tse sa kgotsofaleng, e, di nne tse sa ke be di re: ‘Ho lekane!’


Ka boela ka nahana, mme ka bona diketso tsohle tsa kgatello tse etswang mona lefatsheng: Ka bona meokgo ya ba hatellwang, feela bona ba se na motshedisi; bahatelli ba bona ba ena le matla, feela ba hatellwang ba se na motshedisi.


hore ba amohe mafutsana tokelo tsa wona, ba hateletsweng ba ba hlokise toka, ba ikgapele ntho tsa bahlolohadi, ba tlatlape le tsona dikgutsana.


Morena o qosa baholo ba tjhaba sa hae, o qosa le babusi ba sona, o re: “Tshimo ya ka ya morara e lobetswe ke lona, matlo a lona a tletse tse amohilweng mafutsana.


Ke ka baka lang ha le hatakela setjhaba sa ka, mafutsana le wona le a tlatlapa?” ho rialo Morena, Morena mabotho.


Mekgwa ya senokwane e mebe, kamehla se rera merero e kgopo, ho timetsa mafutsana ka polelo tsa mashano, leha thapedi ya bahloki e nepahetse.


“ ‘Bona kamoo e mong le e mong wa mahosana a Iseraele, ao e leng baahi ba hao, a sebedisang matla a hae ho tsholla madi kateng!


Lona le ja mafureng, le apara tsa boya, le hlaba tse nonneng, empa ha le fepe mohlape.


Ba fokolang ba ba hatakela dihlooho, ba hatakelle hlooho tsa bona leroleng, batlatlapuwa ba ba hlokele toka. Mora le ntatae ba kopanela seotswa, bitso la ka le halalelang ba le hlompholle jwalo.


Lona basadi ba Samaria, mamelang mona! Lona ba kang tswetse tsa Bashane, tswetse tse alohelang thabeng ya Samaria; lona ba hatellang mafutsana, le ripitle bahloki, lona ba reng ho banna ba lona: “Tlisang jwala, re nwe!”


Lona ba hatakelang bahloki, utlwang mona! Lona ba timetsang mafutsana, mafutsana a naha ena.


Ka metsu ya hae molaodi wa na wa mo hlaba, mohla bahlabani ba neng ba re futuhetse, ba re futuhetse hore ba re qhalanye, ba thabetse ho bolaya bahlophehi, bahlophehi ba neng ba ipatile.


Mahosana a wona ke tau tse purumang baahlodi ba wona ke phiri tse jang bosiu, ere bo esa di be di jele di qetile.


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.


Di ne di ena le meetse e kang moriri wa basadi, mme meno a tsona a ne a le jwaloka meno a ditau.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ