Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 30:11 - BIBELE

11 “Moloko o teng o rohakang bo-ntata wona, o sa hlompheng le bo-mma wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 O teng moloko o mong o rohakang ntata wona, o sa hlohonolofatseng le mma wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 30:11
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ya rohakang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa.”


Haeba motho a rohaka ntatae kapa mmae, bone la hae le tla tingwa hoja ho le lefifi.


Mamela ntatao ya o tswetseng, O se nyedise mmao ha a tsofetse.


“Leihlo le tshehang ntata lona, le nyedisang taelo ya mma lona, makgwaba a dikgohlo a tla le honya, mme madinyane a ntsu a le je.


“ ‘Motho ofe kapa ofe ya rohakang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa. Kaha o rohakile ntatae kapa mmae, o tla bolawa ka baka la molato wa hae.


“Mora o hlompha ntatae, mohlanka le yena o hlompha monga hae. Haeba nna ke le ntata lona, ha le ntlhomphe keng? Haeba nna ke le monga lona, ha le ntshabe keng?” ho rialo Morena wa mabotho. “Lona baprista, ke lona ba tlontlollang lebitso la ka. “Empa le a mpotsa, le re: ‘Re tlontlolotse lebitso la hao jwang?’


Empa ha a bona Bafarisi le Basaduke ba bangata ba etla ho kolobetswa, a re ho bona: “Madinyane a marabe, ke mang ya le boleletseng hore le ka baleha bohale bo tlang?


“ ‘Ho rohakehe ya sa hlompheng ntatae kapa mmae.’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’


Empa ha mohlolohadi a ena le bana kapa ditloholo, e be bona ba qalang ho ithuta ho phetha ditshwanelo lapeng labo bona, le ho buseletsa batswadi dithuso tsa bona. Hona ho kgahlisa Modimo.


Haeba motho a sa baballe ba habo, haholoholo ba phelang lapeng la hae, o lahlile tumelo, mme o mobe le ho feta eo e seng modumedi.


Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ