29 O se ke wa rerela wa heno bokgopo, empa yena a phela le wena a o tshepile.
29 O se ke wa rera wa heno ka bobe, ha a ntse a ahisane le wena ka kgotso.
hobane ha ba bue tsa kgotso, empa batho ba kgotso, ba fatshe lena, ba ba lohela mano.
Modimo o tla utlwa, a ba kokobetse, yena eo esaleng a ituletse teroneng ya hae; hobane ha ba sokolohe, ha ba tshabe Modimo.
Ako nnamolele ho ba etsang tse kgopo, o mpholose ho ba ratang ho tsholla madi.
Ba rerang bobe ba a lahleha, empa ba rerang botle ba fumana mohau le nnete.
o rera thetso ka pelong ya hae, kamehla o jala moferefere.
pelo e rerang bokgopo, maoto a potlakelang bobeng;
Le se ke la hatella mohlolohadi, leha e le kgutsana, moditjhaba kapa mofutsana. Motho a se ke a rerela ngwanabo bokgopo.’
Le se ke la rerelana bora, le se ke la hlapanya ka leshano. Tsena tsohle ke di hloile,” ho rialo Morena.