Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 3:21 - BIBELE

21 Mora wa ka, boloka bohlale le tlhalohanyo, di se tlohe mahlong a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mora ka, tseo di se ke tsa ba tsa tloha pela hao, boloka bohlale le kutlwisiso;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 3:21
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya se nang tsebo o tla hlalefiswa ke wona, mohlankana a rue tsebo le kelello.


Ya iketsang mokgelo o ithata boyena, tsohle tsa bohlale o hanyetsana le tsona.


Ya ipatlelang bohlale o rata bophelo ba hae, ya nang le kelello, katleho ke ya hae.


O hlokomela metsamao ya ba lokileng, ke thebe ho ba hlokang kodi.


Polelo tsa ka o se di lebale, o di boloke ka pelong ya hao;


se furalle bohlale, bo tla o sireletsa; bo rate, bo tle bo o lebele.


o tle o be le tlhalohanyo, molomo wa hao o rue tsebo.


Boeletsi le ho ba sedi le tsona ke tsa ka, kutlwisiso le matla le tsona ke tsa ka.


Jwale Jesu a re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: “Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka kannete;


“Feela le itlhokomele, le be hlokolosi, esere la lebala dintho tseo le di bonang ka mahlo a lona, kapa tsa hlakoha dipelong tsa lona ka matsatsi wohle a bophelo ba lona. Empa lona le di tsebise bana ba lona, le ditloholo tsa lona.


Kamehla o bue ka Molao ona, o o nahane motsheare le bosiu, e le hore o tle o hlokomele ho phetha tsohle tse ngotsweng ho wona, o tle o atlehe mesebetsing ya hao, mme o hlohonolofale ho tsohle tseo o di etsang.


Molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong le o boloke. Ha le ka boloka ka ho lona molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong, le lona le tla bolokeha ho Mora le ho Ntate.


Empa lona le amohetse Moya o Halalelang ho yena, o ntseng o phela ka ho lona, mme ha le hloke ho rutwa ke mang kapa mang. Erekaha Moya o Halalelang o le ruta tsohle, e leng nnete, e seng leshano, phelang ka ho Kreste, jwalokaha Moya o le rutile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ