19 Ka bohlale Morena o radile metheo ya lefatshe, ka kelello Morena a ala le mahodimo;
19 Jehova o theile lefatshe ka bohlale, o adile mahodimo ka kelello.
“Ha ke rala metheo ya lefatshe o no le kae? Haeba o na le tsebo, ako bolele he!
Morena, mesebetsi ya hao e mengata hakaakang! Tsohle o di entse ka bohlale, lefatshe le tletse dibopuwa tsa hao!
Ke yena ya entseng mahodimo, a a etsa ka bohlale; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.
“Morena o mpopile qalehong ya mesebetsi ya hae, pele ho mesebetsi ya hae, mesebetsi ya kgalekgale;
Ka matla a hae Modimo o entse lefatshe, ka bohlale ba hae a le tsitsisa tulong tsa lona, ka kelello ya hae a ala le mahodimo.
“Ka matla a hae Morena o hlodile lefatshe, ka bohlale ba hae a tsitsisa metheo ya lona, ka kutlwisiso ya hae a ala le mahodimo.
Dintho tsohle di bile teng ka lona, mme ha ho letho le bileng teng haese ka lona.