13 Ho lehlohonolo ya iphumanetseng bohlale, ya bileng a fihletseng kutlwisiso,
13 Ho lehlohonolo motho ya fumaneng bohlale, ya fihletseng kutlwisiso;
Ka kgauta e hlwekisitsweng bo ke ke ba rekwa, kapa theko ya bona ya methwa ka boima ba silefera.
Dikgetla le mahakwe tsona ha di sa bolelwa; theko ya bohlale e feta le mabenyane a bohlokwa.
Jwe la bohlokwa la Kushe le ke ke la lekana le bona, ka kgauta e hlwekisitsweng bo ke ke ba rekwa.”
Ho molemo ho nna ho ba le Molao o tswang ho wena, ho ena le ho ba le diketekete tsa tjhelete ya kgauta le ya silefera.
Ho fumana bohlale ho molemo ho feta kgauta, ho fumana kutlwisiso ho molemo ho feta silefera.
Ya iketsang mokgelo o ithata boyena, tsohle tsa bohlale o hanyetsana le tsona.
ha o ka e batla sa hoja o batla silefera, wa e batla sa tlotlo e le patuwe;
di utlwahala tsohle ho ya nang le kelello, di nepahetse tsohle ho ba nang le tsebo.
Ha o ka nqane ho lewatle, hoo le ka reng: ‘Ke mang ya tla re tshelela lewatle, a re tlisetse wona, mme a re rute wona, re tle re o phethe?’