22 Motho ya bohale o baka diqabang, ya hlonameng yena o tletse bokgopo.
22 Motho ya bohale o butswela dikgang; ya phakisang ho halefa, dibe tsa hae di ba ngata.
Ho rohakwe bohale ba bona, hobane bo ne bo tshabeha; le kgalefo ya bona, hobane e ne e se na mohau! Ke tla ba qhalakanya hara bana ba Jakobo, ke ba hasanye hara fatshe la Iseraele.
Lehloyo le fehla moferefere, athe lerato lona le iphapanyetsa diphoso tsohle.
Motho ya halefang kapele o etsa bothoto, ya nang le mehopolo e mebe batho ba a mo hloya.
Motho ya bohale o baka diqabang, ya nang le mamello yena o a di fedisa.
Ya ratang diphapang o rata sebe, ya ikgohomosang o ipitsetsa timelo.
O se ke wa etsa setswalle le motho ya bohale, o se tlwaelane le sefelapelwana,
Mashala a tswala leupa, patsi e hotetsa mollo, motho wa dikgang yena o fehla diqabang.
Tshepe e leotswa ka tshepe e nngwe, monna o tentshwa tshea ke banna ba bang.
Ya bokotsang kgoba la hae ha a le hodisa, le tla qetella le mo hlokela teboho.
hoba lebese ha le fehlwa le etsa sereledi, le nko ha e otlwa e tswa mokola, kahoo kgalefo e fehla meferefere.”
Moo lefufa le dikgang di leng teng, ho na le meferefere le mesebetsi e kgopo.