Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 29:14 - BIBELE

14 Kgosi e ahlolelang bafumanehi, e ba ahlolelang ka toka, terone ya yona e tla tsitsa kamehla yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ha morena a ka ahlolela mofutsana ka ho loka, tulo tsa hae di tla tiya kamehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 29:14
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla bina tsa mohau wa Morena, ke di bine kamehla, ka molomo wa ka ke tla tsebisa meloko yohle botshepehi ba hao;


Kgosi di nyatsa ketso tse manyala ho loka hona ho tsitsisa mmuso.


Kgosi e sireletswa ke lerato le botshepehi terone ya yona e tsitsiswa ke lerato.


Hleka ba kgopo kapele ho kgosi, terone ya yona e tle tsitsiswe ke ho loka.


Mmusi ya sethoto ke mmampodi ya sehloho; ya hloileng maruo a bolotsana o tla phela halelele.


Ha kgosi e thahasella toka, puso e a tsitsa, kgosi e kgethisang setjhaba haboima e futsanehisa naha.


Ithuteng ho etsa tse lokileng, le ipatlele le yona toka, kgalemelang mohatelli, le ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona le e emele.


empa mafutsana o tla a ahlolela ka toka, ba ikokobeditseng ba naha ena a ba sebeletse ka toka, polelo tsa hae e be thupa e otlang naha ena, kahlolo tsa hae di timetse ba kgopo.


O ila ahlolela mofutsana le mohloki, yaba o phela hamonate, a phela ka boiketlo. Na hoo e ne se hona ho ntseba? ho rialo Morena.


Ba a rotoloha, ba be moropotsana, ketso tse kgopo tsa bona ke tse se nang moedi; ha ba ahlole dinyewe ka toka, ha ba buelle dikgutsana dinyeweng, ha ba lwanele tokelo tsa mafutsana.


Ka baka leo, wena kgosi, ako amohele keletso ya ka, o furalle dibe tsa hao ka ho etsa ho lokileng, le bokgopo ba hao ka ho hauhela mafutsana; mohlomong o ka phela halelele ka boiketlo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ