Yare ha monga hae a utlwa dipolelo tsena tsa mosadi wa hae, tseo a di buang ho yena, tse reng: “Mohlanka wa hao o nkentse tjena le tjena,” kgalefo ya hae ya tlokoma.
A bua le sona ho latela keletso ya bahlankana, a re: “Ntate o ne a le imeditse ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.”
Saule a laela bahlanka ba hae, a re: “Buang le Davida ka lekunutu, le re: ‘Bona mona, kgosi e a o rata, le bahlanka ba yona bohle ba a o rata; ka baka leo, eba mokgwenyana wa kgosi.’ ”