Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 28:9 - BIBELE

9 Ya ithibang ditsebe hore a se utlwe molao, thapelo tsa hae le tsona ke manyala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ya fapanyang tsebe le molao hore a se ke a o utlwa, esita le thapelo ya hae e manyala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 28:9
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha a ahlolwa a ke a fumanwe a le molato, thapedi ya hae e nkuwe e le sebe.


Hoja ke ne ke dumella bobe pelong ya ka, Morena a ka be a sa nkutlwa,


Na o ka ba le kopano le baahlodi, baahlodi ba kgopo, ba fetolang bobe molao?


Ba lokileng Morena ha a ba bolaise tlala, takatso tsa ya kgopo o a di nyopisa.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Ya ithibang ditsebe ha mofutsana a lla, le yena o tla lla, empa a ke ke a mamelwa.


Sehlabelo sa ya kgopo se a nyonyeha, haholo ha a se etsa ka morero o mobe.


Bonang, ho hang lona ha le letho, mesebetsi ya lona ke mafeelafeelane; ya ikgethelang lona ke manyala!


Leha se ka itima dijo, nke ke ka mamela sello sa sona; leha se ka etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dino, tsena nke ke ka di amohela. Empa ke tla se timetsa ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa.”


Re a tseba hore Modimo ha a utlwe baetsadibe, empa ha motho a tshaba Modimo, a etsa thato ya hae, Modimo o a mo utlwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ