Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 28:27 - BIBELE

27 Ya fanang ho mafutsana ha ho seo a ka se hlokang; ya sa a natseng ka letho o tla rohakwa ke ba bangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ya sitsang bafumanehi a ke ke a hloka; haele ya itutubatsang mahlo, ho tla ata dithohako ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 28:27
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E mong o fana haholo, leruo le mo atele, e mong e be lekgonatha, bofuma bo mo aparele.


Ya fanang haholo o tla fumana katleho, ya fanang ka metsi le yena o tla a fuwa.


Ya hanang ho rekisa koro batho ba a mo rohaka, empa ya ba rekisetsang yena o a hlohonolofala.


Ya hauhelang bafumanehi o adima Morena, seo a faneng ka sona Morena o tla mmuseletsa sona.


Motho ya fanang a thabile o tla hlohonolofatswa, hobane yena o fepa mafutsana.


Ya reng ho ya kgopo: “Ha o na molato,” tjhaba di tla mo rohaka, merabe e mo nyonye;


Ha ba kgopo ba busa, tjhaba se a ipata; empa ha ba timela, ba lokileng ba tla ngatafala.


Ha le phahamisa matsoho ho ipiletsa ho nna, ke tla ipata sefahleho; leha le ka etsa dithapelo tse ngata, nke ke be ka le mamela, matsoho a lona a kganathetse madi.


Ruri eka kgona le mo fe, mme ha le mo fa dipelo tsa lona di se ke tsa kganana, hobane ka baka la ketso ena, Morena Modimo wa lona, o tla le hlohonolofatsa mesebetsing yohle ya lona, le ho tsohle tseo le di etsang.


“Haeba hara lona ho ena le ya hlokang, e le e mong wa bana babo lona, ya motseng ofe kapa ofe wa metse e naheng eo Morena Modimo wa lona, a tla le nea yona, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona, mme le se ke la tima ngwanabo lona ya hlokang.


Se lebaleng ho ba mosa le ho thusana, hobane ana ke wona mahlabelo a kgahlisang Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ