Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 28:15 - BIBELE

15 Jwalokaha tau e puruma le bere e kgobolaka, mmusi ya kgopo o jwalo ha a busa bafumanehi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Morena ya lonya ya busang setjhaba se fumanehileng, ke tau e purumang, ke bere e lapileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 28:15
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Menaheme a ripitla motse wa Tifesa, le bohle ba neng ba le ka ho wona. A ripitla le batho ba naha e o potapotileng, ho tloha Tiresa, hobane ba ne ba ile ba re ho yena motse oo ha o kenwe. A o ripitla ka lona lebaka leo. Baimana ba motse oo a ba phatlola dimpa.


A reteleha, a ba tadima, a ba rohaka ka lebitso la Morena. Dibere tse pedi tse tshehadi, tsa tswa morung, tsa harola ba mashome a mane a metso e mmedi ba bashanyana bao.


Kantle ho sebe seo a entseng hore ba morabe wa Juda ba se etse, Manase o entse bobe mahlong a Morena, a tsholla madi a mangata a se nang molato, hoo a ileng a phalla kahohle motseng wa Jerusalema.


Jwale Faro a laela setjhaba sa hae sohle, a re: “Bashanyana bohle ba Baheberu ba tla tswalwa, le ba akgele ka nokeng, empa, banana bohle bona le ba tlohele ba phele.”


Ho molemo ho kopana le bere e tshehadi, bere e nketsweng madinyane a yona, ho ena le ho kopana le sethoto se poqang bothotong ba sona.


Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, mohau wa yona o jwaloka phoka hodima jwang.


Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, ya halefisang kgosi o ipea tsietsing.


Ha ba lokileng ba ngatafala, tjhaba se a nyakalla, empa ha ba kgopo ba busa tjhaba se a lla,


Morena o robile molamu wa ya kgopo, lere la puso la babusi o le robile,


lona le otlileng ditjhaba ka kgalefo, le sa kgaotse, la di kokobetsa ka kgalefo le ka mabifi a sa feleng.


Ke tla ba futuhela se bere e le tshehadi, sa bere e bolaetsweng madinyane a yona, ke tsekolle maaparapelo a bona, ke ba harole jwaloka tauhadi, jwaloka hoja ba harotswe ke sebatana.


Efraime o hateletswe, o hlotswe ke nyewe, hobane a ne a batla thuso, a e batla ho medingwana.


Mahosana a wona ke tau tse purumang baahlodi ba wona ke phiri tse jang bosiu, ere bo esa di be di jele di qetile.


Yare ha Heroda a lemoha hore o phomilwe ke Ba Bohlale, a halefa haholo, a laela hore ho bolawe masea wohle a bashanyana a Betlelehema le a tikolohong yohle ya teng, a dilemo di pedi le katlase, ho ya ka nako eo a e botsisisitseng ho Ba Bohlale.


Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ