Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 27:8 - BIBELE

8 Monna ya furallang lapa la hae, o tshwana le nonyana e furallang sehlaha sa yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Motho ya furaletseng hae ha hae, o jwaloka nonyana e lelerang hole le ntlo ya yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 27:8
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Aborahama o tsoha ka madungwadungwana, o nka bohobe, le lekuka la metsi; o di nea Hagare ka ho di bea hodima lehetla la hae, a mo leleka mmoho le moshanyana. Yena a tsamaya, a nna a lelera lehwatateng la Beeresheba.


Kaine a tloha pela Morena, a ya aha lefatsheng la Nodo, ka botjhabela ho Edene.


Faro a re ho yena: “Ke eng eo o e hlokang, ha e le moo o batla ho kgutlela naheng ya heno?” Hadade a mo araba, a re: “Le letho! Feela, leha ho le jwalo, ntumelle ke tsamaye.”


Ha a fihla teng a fumana lehaha, mme a robala ka ho lona. Yaba lentswe la Morena le fihla ho yena, le re: “O etsang moo, Elia?”


Ya kgelohang tsela ya kutlwisiso pheletso ya hae ke ho phomola hara bafu.


Jwaloka serobele se phuphuselang, kapa lefokotsane le okaokelang, motho ha a silafatswe ke thohako ya lefeela.


Ya nyonyobetseng o hlaba kgora ka sefeamaeba, athe ho ya lapileng le ho babang ho a latsweha.


Baradi ba Moabe ha ba le madibohong a Arenone, ba ka nonyana tse phuphuselang, di lelekilwe sehlaheng sa tsona. Ba re:


Empa Jonase a tsamaya, a balehela Tarashishe hore a be hole le Morena. A theohela Jopo, moo a fumaneng sekepe se lebang Tarashishe. Hoba a lefelle leeto, a kena ka sekepeng, hore a tle a ye Tarashishe mmoho le basesisi ba sona, hole le Morena.


E mong le e mong a nne a be kamoo a neng a le kateng mohla a neng a bitswa.


Ke maqhubu a befileng a lewatle, a tlokomang lekweba la dihlong tsa bona. Ke dinaledi tse lelerang, tse boloketsweng lefifi le letsholetsho, ka ho sa feleng.


Moporofeta Gade a re ho Davida: “O se ke wa dula mona qhobosheaneng; tloha, o ye naheng ya Juda.” Yaba Davida o a tloha, o ya morung wa Herete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ