Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 27:22 - BIBELE

22 Lehlanya o ka le tulella ka lefudung, wa le silella le mabele ka tshilo; empa bohlanya bo ke ke ba le tlohela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Leha o ka tulela lehlanya ka mokgobo, wa le sila ka tshilo le mabele a silwang, le teng bohlanya bo ke ke ba le tlohela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 27:22
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Esitana leha hona ho se ho etsahetse, Jeroboame a nna a tswela pele mekgweng ya hae e kgopo. Batho ba eisehang hara setjhaba a nna a ba etsa baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Mang kapa mang ya ratang, a mo etsa e mong wa baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona.


Yaba Faro o tsoha bosiu, yena le bahlanka ba hae, le Baegepeta bohle, mme ha eba le seboko sa phohomela Egepeta, hobane ho ne ho se lelapa le se nang ya shweleng.


Ha kgosi ya Egepeta e tsebiswa hore Baiseraele ba balehile, Faro le bahlanka ba hae ba fetohela setjhaba seo, ba re: “Re ne re etsang ha re lokolla Baiseraele ba neng ba re sebeletsa?”


“Sera se ile sa re: ‘Ke tla ba phaladisa, ke ba tshware; ke arole kgapo, ke kgotsofale. Ke tla hula sabole ya ka, ka tsoho la ka ke ba timetse.’


Meqhaka ya ba bohlale ke maruo a bona, bothoto ba dithoto bona bo tswala bothoto.


O tla re: “Ba nkotlile, empa ha ke a utlwa bohloko! Ba ntjhapile, empa ha ke utlwe letho! Ekaba ke tla tsoha neng, ke tswe ke tshwara mohotswana, ke o tshwara hape?”


Sethoto se kgutlelang bothotong ba sona se tshwana le ntja e kgutlelang mahlatseng a yona.


Le sa tla boela le otlwa hokae, ha le ntse le pheella ho mo fetohela? Hlooho yohle e se tletse maoma, mmele wohle le wona o a kula.


Na Mokushe a ka fetola lebala la hae, kapa lengau la fetola maroboko a lona? Haeba ho jwalo, le lona ba itlwaeditseng tse mpe le ka nna la tseba ho etsa tse ntle!


Morena, ha ke re wena o batla nnete? O ba otlile, ha ba a utlwa bohloko; o ba kgahlotse, ha ba a boela tseleng, ba thatafaditse fahleho tsa bona sa lejwe, ba hanne ho bakela dibe tsa bona.


Ha Saule a tsebiswa taba ena, a boela a roma maqosa a mang, mme le wona a fihla a porofeta. Saule a boela a roma maqosa lekgetlo la boraro, mme le wona a fihla a porofeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ