Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 27:20 - BIBELE

20 Nqalo ya Bafu le mohohlo wa timelo ha di ke di tlala, le wona mahlo a motho ha a kgotsofale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Nqalo ya bafu le dihele ha di na ho kgora, mahlo a motho le wona ha a kgore.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 27:20
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Nqalo ya Bafu e feela kapela Modimo, mohohlo wa timelo o ahlame, ha o a kwahelwa.


Morena o tseba tse ka Nqalong ya Bafu, le tse ka ho ya Timelo o a di tseba, a ka sitwa keng ho tseba makunutu a batho?


Ha o re maruo hedi! o tla bona a sa nyametse, hobane a tla fela a mele mapheo, a fofele hodimo sa ntsu, sa ntsu e le sepakapakeng.


Jwalokaha motho a ipona sefahleho ka metsing, pelo ya motho le yona ke seipone sa hae.


Dintho tsohle di tena motho, di tena ho feta polelo ya motho; leihlo la motho ha le tenehe ke ho bona, tsebe ha e tlale tseo e di utlwang.


Motho ya mong to! ka monwana, ke eo, ha a na mora, ha a na ngwanabo, o sebetsa ka thata a sa kgaotse, le yena ka boyena ha a kgotsofalle leruo la hae. Jwale o a ipotsa: “Ke sebeletsa mang, ha ke itima tsa boithabiso?” Le hona ke lefeela, ke ho sebeletsa lelea!


Tshebetso yohle ya motho ke ho lemisetsa mmetso, takatso tsa hae tsona ha di ke di kgotsofala.


Kahoo lebitla le ba lapetse, le se le ahlame, le ba emetse; kgabane tsa bona le matshwele di theohela teng, di theohela le menyaka le marata a tsona.


“Mahlo a hao le pelo di buswa ke meharo ya hao, di buswa ke ho tsholla madi a se na molato, di buswa ke kgatello le tlhokofatso ya batho.”


“Ruri, veine ke moeki wa motho; ya ikgohomosang a ke ke a phela. O meharo jwaloka Nqalo ya Bafu; jwaloka lefu ha a ke a kgora. O ipokellela ditjhaba tse ngatangata, merabe kaofela a e fetole bathopuwa.


“Le ne le lebeletse tjhai e ngata, empa bonang! le kotutse hanyenyane feela. Kotulo eo le e tlisitseng hae, ke ile ka e senya. Ke ka lebaka lang ke entseng jwalo?” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke entse jwalo ka baka la Tempele ya ka, e ntseng e le dithako, athe e mong le e mong wa lona yena o thahasella ntlo eo e leng ya hae.


hobane tsohle tsa lefatshe: ditakatso tsa botho, tse hohelang mahlo, le ho ikgantsha ka maruo, tsena hase tse tswang ho Ntate, empa ke tse tswang ho lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ